settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka ho becha? Na ho becha ke sebe?

Karabo


Ho becha ho ka hlalosoa e le “ho bapala fupe ka le fe ka chelete e le ka morero oa ho e ngatafatsa.” Bebele ha e hanyetsane le ho becha ka mokhoa o totobetseng. Bebele ea re hlokomelisa, leha ho le joalo, hore lerato la leruo ke motso oa libe tsohle (I Timothea 6:10; Ba-Heberu 13:5). Lentsoe la Molimo le re khothalletsa ho nena mekhoa ea ho leka ho “rua kapele” (Liproberbia 13:11; 23:5; Moeklesia 5:10). Ho becha ho tlisoa ke lerato la chelete, ‘me ntle le khanyetso, ho etsa hore motho a nahane hore a ka rua kapele.

Phoso e hokae ka ho becha? Ho becha ke taba e thata hobane ha etsoa ka makhetlo a itseng, ke tšenyo ea chelete, feela ha e “litšila”. Batho ba senya chelete linthong tse ngata. Ho becha ha hoa fapana le ho shebella setšoantšo, ho ja lijo tse theko e phahameng haholo, kapa ho reka ntho e se nang thuso. Ho re chelete e ntse e senngoa linthong tse ngata, ha ho bolele hore ho becha ho lokile. Chelete ha ea tšoanela ho senngoa feela. Chelete e se nang mabaka ka nako eo, e tšoanetse ho bolokeloa nako e tlang kapa e fanoe ho phetha mesebetsi ea Molimo – ho se ke hoa bechoa ka eona.

Ho becha ka Bebeleng: Leha e le mona Bebele e sa bue ka ho hlaka ka ho becha, e bua ka lipapali tsa “lehlohonolo” kapa tsa “monyetla”. Mohlala, ho laola ka lotho ho sebelisitsoe ho Levitike ha ho khethoa lipakeng tsa liphooko tse peli e le hore ho laola ho tle ho ntše eo e leng ea Jehova, le eo e leng ea Asasele. Joshua o ile a abela merabe e fapaneng linaha ka ho li laola ka lotho. Nehemia o laotse ka lotho hore na ke bo mang ba tlang ho phela kahare ho marako a Jerusalema ‘me na ke bo mang ba tlang ho ba kantle. Baapostola ba laola ka lotho hore na ke mang ea tlang ho nka sebaka sa Judase. Liproverbia 16:33 e re, “Lotho e pjatlanngoa kobong; empa se boleloang ke eona se tsejoa ke Jehova feela.” Ha ho moo lotho e sebelisitsoeng bakeng sa boithabiso kapa e hlahisoa e le ntho e amohelehang sebakeng sa balateli ba Molimo.

“Casino” le fafi (lottery): “Casino” li sebelisa mekhoa e mengata ea papatso e le ho ka hohela ba bechang ho bapala ka chelete e ngata. Hangata ba fana ka bojoala ba theko e holimo kapa ba fane ka bona mahala, ho khothalletsang botaoa ‘me ha motho a se a tahiloe e be o etsa liqeto tse bōthoto. Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ka Casinong e entsoe ho nka chelete ka bongata ‘me e sa fane ka letho kamor’a moo, ntle le ho fana ka thabo e sa eeng kae. Lifafi (Fafi e ka hlalosoa e le mofuta o mong oa ho becha) li leka ho itlhahisa e le mokhoa oa ho thusa thutong ea bana le / kapa linthong tsa sechaba. Leha ho le joalo, boithuto bo bontša hore beng ba lifafi ke batho ba ke keng ba sebelisa chelete ea bona bakeng sa ho reka tekete ea fafi. Taba ea hore u tla “rua kapele” ke eona taba e hohelang ba hlokang chelete. Menyetla ea ho atleha e fokola haholo, ho qetellang ka ho senyeha ha maphelo a batho ba bangata.

Hobaneng lichelete tsa fafi li sa thabise Molimo: Batho ba bangata ba re ba bapala fafi e le hore ba tle ba fane ka chelete eo kerekeng, kapa nthong e ‘ngoe ea morero o motle. Leha e le mona ho etsa joalo e ka ba taba e ntle, ba fokolang ka palo ba sebelisa chelete eo ba e fumaneng fafing molemong oa litaba tsa Molimo. Boithuto bo boetse bo bontša hore, lilengoana ha morao, batho bana ba ileng ba tšoara fafi, ba qetella ka ho futsaneha haholo ho feta kamoo ba neng ba le kateng pele. Ba fokolang ka palo, haeba bae ba be teng, ba fana ka chelete eo nthong e ‘ngoe e molemo. Ho feta moo, Molimo ha a batle chelete ea rōna ho tšehetsa morero oa Hae lefatšeng. Liproverbia 13:11 e re, “Maruo a batliloeng ka mano a tla ‘ne a qephe; empa ea a bokellang ka ho sebetsa, o tla ateloa ke ‘ona.” Molimo o moholo ‘me o tla fana sebakeng sa litlhoko tsa kereke ka mekhoa e lokileng. Na Molimo a ka thabisoa ke ha a fuoa chelete e fumanoeng ka ho rekisa lithethefatsi, kapa e utsoitsoeng? Molimo ha a batle le eona eo e “utsoitsoeng” bafutsaneng ka ho ba fa maikutlo a hore ba ka rua kapele ha ba bapala fafi.

I Timothea 6:10 e re bolella hore, “Hobane lerato la leruo ke motso oa libe tsohle; ba bang ka ho lakatsa ba khelohile tumelo, ‘me ba itlhabile ka mahlomola a mangata.” Ba-Heberu 13:5 e re, “Ketso tsa lōna li hloke takatso ea ho rua; le kholoe ke tseo le nang le tsona; hobane Molimo ka sebele o itse: Nke ke ka u tlohela, nke ke ka u lahla.” Mattheu 6:24 e re, “Ha ho motho ea ka tsebang ho sebeletsa marena a mabeli: hobane o tla hloea e mong, a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong, a nyelise e mong. Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka ho becha? Na ho becha ke sebe?
© Copyright Got Questions Ministries