settings icon
share icon
Pōtso

Na Jesu ke Molimo? Na Jesu o kile a ipolela e le Molimo?

Karabo


Jesu ha a so ka a tlalehoa ka Bebeleng a bolela ka kotloloho mantsoe a reng, “Ke Molimo.” Hoo ha ho bolele hore, le ha ho le joalo, ha a ka a phatlalatse hore ke Molimo. Nka mohlala oa mantsoe a Jesu ho Johanne 10:30, “’Na le Ntate, re bang feela.” Ha u habanya ka mahlo, hona ho ka se shebahale e ka ho bolela hore o ipolela e le Molimo. Le ha ho le joalo, sheba hore na Ba-Juda ba ile ba etsa joang ka baka la polelo ena, “Ba-Juda ba mo araba, ba re: Ha u tlepeletsoe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane u re u le motho, u iketsa Molimo” (Johanne 10:33). Ba-Juda ba ne ba utloisisa polelo ea Jesu e le ho ipolela e le Molimo. Litemaneng tse hlahlamang, Jesu ha a ka a lokisa polelo ka hore ho Ba-Juda, “Ha kea ipolela ke le Molimo.” Hona ho supa hore Jesu o ne a bolela ka ‘nete hore ke Molimo ka ho phatlalatsa hore “’Na le Ntate, re bang feela.” Johanne 10:30. Johanne 8:58 ke mohlala o mong. “Jesu a re ho bona: Ka ‘nete-‘nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng.” Hape, Ba-Juda ba araba ka ho nka majoe ba leka ho tlepetsa Jesu (Johanne 8:59). Ke hobaneng ha Ba-Juda ba ne ba ka batla ho tlepetsa Jesu ka majoe, ha a ne a sa bua ntho eo ba e lumelang e le thohako, e leng, ho ipolela e le Molimo?

Johanne 1:1 e re bolella hore “Lentsoe e ne e le Molimo.” Johanne 1:14 e re “Lentsoe le ne le etsoe nama.” Hona ho supa ka kotloloho hore Jesu ke Molimo ka nama. Liketso 20:28 e re bolella hore, “le lise le mohlape kaofela, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli ba oona, ho alosa kereke ea Molimo eo o ithuetseng eona ka mali ao e leng a oona ka sebele.” Ke mang ea rekileng kereke ka mali a hae? Jesu Kreste. Liketso 20:28 e phatlalatsa hore Molimo o rekile kereke ka mali a hae, ka hona, Jesu ke Molimo!

Morutuoa Thomase o ile a re ho Jesu, “Morena oa ka le Molimo oa ka.” (Johanne 20:28). Jesu ha a mofetole. Tite 2:13 e re khothaletsa ho emela ho tla ha Molimo le Mopholosi oa rōna – Jesu Kreste (Sheba hape II Petrose 1:1). Ho Ba-Heberu 1:8, Ntate o phatlalatsa ka Jesu “Empa ha e le ka Mora, o itse: Molimo, terone ea hao e tiile ka ho sa feleng, ‘me lere la ‘muso oa hao ke lere la ho loka.”

Ho Tšenolo, lenyeloi le ile la laela moapostola Johanne ho khumamela Molimo feela (Tšenolo 19:10). Ka makhetlo a mangata lentsoeng la Bebele Jesu o amohela khumamelo (Matheu 2:11; 14:33; 28:9,17; Luka 24:52; Johanne 9:38). Ha a ka a khalemela batho ha ba mo khumamela. Ha ekaba Jesu e ne e se Molimo, a ka be a ile a bolella batho ho se mo khumamele, joalo kaha lenyeloi ho Tšenolo le ile la etsa. Ho na le litemana le lipolelo tse ling tse ngata tsa lentsoe tse tšehetsang khalelo ea Jesu.

Lebaka la bohlokoa la hore Jesu o lokela ho ba Molimo ke la hore ha e se Molimo, lefu la hae le ne le ke ke la lekana ho lefa kotlo ea libe tsa lefatše lohle (I Johanne 2:2). Ke Molimo feela ea neng a ka lefa kotlo eo ea ka ho sa feleng. Ke Molimo feela ea neng a ka nka libe tsa lefatše (II Ba-Korinthe 5:21), a shoe, ‘me a tsohe – e le ho pakahatsa tlhōlo ea hae holim’a sebe le lefu.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na Jesu ke Molimo? Na Jesu o kile a ipolela e le Molimo?
© Copyright Got Questions Ministries