settings icon
share icon
Pōtso

Na Molimo o‘a phela? Nka tseba joang hore e fela Molimo a phela?

Karabo


Re ea tseba hore Molimo oa phela kaha a itlhahisitse ho rōna ka litsela tse tharo: ka tlholeho, Lentsoeng la Hae, le ka Mora oa Hae, Jesu Kreste.

Bopaki ba mantlha ba boteng ba Molimo ke tseo a li entseng. “Hobane tse sa bonoeng tsa oona, e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoe mesebetsi ea oona, e le hore ba tle ba hloke maitatolo” (Ba-Roma 1:20). “Maholimo a bolela khanya ea Molimo, ‘me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona” (Pesaleme ea 19:1).

Ha ho ne ho ka etsahala hore ke thole tšupa-nako har’a tšimo, ke ne ke se na ho nahana hore e “itlhahetse” feela ho tsoa moo ho sa tsejoeng, kapa hore ha e sa le e ntse e le teng moo. Ke ipapisitse le moetso oa eona, nka nahana hore e na le moetsi. Empa ke bona moetso le boleng bo hlollang lefatšeng le re potileng. Tekanyo ea rōna ea nako ha ea ipapisa ka litšupa-nako, empa ka mesebetsi e metle ea Molimo – ho potoloha ha lefatše. Lefatše le bontša mosebetsi o khobane, ‘me hona ho pakahatsa Moetsi ea khabane.

Ha ho ne ho ka etsahala hore ke fumana molaetsa o ngotsoeng ka mongolo oo ke sa o tsebeng, ke ne ke tla batla setsebi sa mengolo ho nthusa ho manolla se ngotsoeng. Mohōpōlo oa ka e ne e kaba hore ho na le moromelli ea bohlale oa molaetsa, ea qapileng mongolo oo. Re bopiloe ka mokhoa o bohlale bo hlollang haholo. Na see ha se bolele hore ‘Mopi oa rōna o khabane?

Molimo ha a etsa lefatše ka botle bo hlollang feela, empa o bile a kenya pelong ea motho e mong le e mong tabe-tabelo ea bophelo bo sa feleng (Moeklesia 3:11). Motho o na le khōpōlo ho tsoa kahare ho eena e mo joetsang hore ho na le ho hong ka bophelo ho fetang ho bonoang ka mahlo, hore ho na le bophelo bo kaholimo ho bona ba lefatše. Khōpōlo ea rōna ka bophelo bo sa feleng e iponahatsa ka mekhoa e ‘meli: ho etsa melao le ho khumamela.

Lichaba tsohle ka linako tse fetileng li ile tsa boulela melao ea boitšoaro, ‘me ntho e makatsang ke hore melao ena ea tšoana ho tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng. Mohlala, lerato le ea amoheleha lefatšeng ka bophara, ha leshano le sa amohelehe. Melao ea boitšoaro e tšoanang - tsebo ea botle le bobe ka lefatše lohle - li supa ho Motho ea Moholo ea Hlomphehang ea faneng ka mohlala.

Ka mokhoa o tšoanang, batho lefatšeng ka bophara, ho sa shejoa mofuta, ha e sa le ba jala taba ea borapeli. Se repeloang se ka ‘na sa fapana, empa he taba ea hore ho na le “matla a mang a maholo” ke karolo e ke keng ea hanyetsoa ea botho. Tloaelo ea rōna ea ho khumamela e lumellana le taba ea hore Molimo o re entse “ka setšoantšo sa hae” (Genese 1:27).

Molimo o itlhahisitse ho rōna ka lentsoe la hae, e leng Bebele. Ho latela mangolo, boteng ba Molimo bo nkoa e le bopaki bo ikemetseng (Genese 1:1; Exoda 3:14). Ha Benjamin Franklin a ngola pale ea bophelo ba hae, ha a ka a senya nako ka ho leka ho pakahatsa boteng ba hae. Ka mokhoa o tšoanang, Molimo ha a nke nako e ngata a pakahatsa boteng ba hae ka bukeng ea hae. Matla a ho fetola bophelo a Bebele, ‘nete ea eona, le mehlolo e tlang le ho ngoloa hoa eona, li lekane ho ka etsa hore e nkoe e le bohlokoa.

Tsela ea boraro eo Molimo a itlhahisitseng ka eona ke ka Mor’a hae, Jesu Kreste (Johanne 14:6-11). "Lentsoe le ne le le tšimolohong, ‘me lentsoe le ne le le ho Molimo, ‘me Lentsoe e ne e le Molimo….’Me Lentsoe le ne le etsoe nama, ‘me la aha har’a rōna” (Johanne 1:1,14). “Hobane botlalo kaofela ba bomolimo bo ahile ho eena ka ‘mele” (Ba-Kolose 2:9).

Bophelong ba Jesu bo hlollang, o bolokile molao oa Testamente ea Khale ka hohle-hohle ‘me a ba a phethisa boporofeta malebana le Mesia (Mattheu 5:17). O entse liketso tse se nang palo tsa kutloelo-bōhlōkō le mehlolo pontšeng ea sechaba e le ho ka tiisa molaetsa oa hae le ho pakahatsa khalalelo ea hae (Johanne 21:24-25). Hape, matsatsi a mararo kamora ho thakhisoa ha hae, a tsoha bafung, taba e tiisitsoeng ke makholo-kholo a batho (I Ba-Korinthe 15:6). Pokello ea litaba tsa khale e na le “bopaki” bo bongata ba hore na Jesu ke mang. Joalo kaha Moapostola Pauluse a boletse, “Hobane ha ho letho tabeng tseo le entsoeng sephiring” (Liketso 26:26).

Re ea elelloa hore ho tla ‘ne ho be le babelaeli ba nang le maikutlo a bona ka Molimo ‘me ba tla bala bopaki ho latela maikutlo a bona. ‘Me ho tla ba le bao ho se nang bopaki bo ka ba kholisang (Pesaleme ea 14:1). Taba khōlō ke tumelo (Ba-Heberu 11:6).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na Molimo o‘a phela? Nka tseba joang hore e fela Molimo a phela?
© Copyright Got Questions Ministries