settings icon
share icon
Pōtso

Boleng ba Molimo ke bo feng? Molimo o joang?

Karabo


Litaba tse monate, ha re ntse re leka ho araba pōtso ena, ke hore ho na le tse ngata tseo re ka li fumanang ka Molimo! Ba tlang ho hlahloba tlhaloso ena ba tla hlokomela hore ho molemo ho e bala kaofela; e be ba khutlela morao ho ea sheba tse ling tsa litemana ka Bebeleng e le ho ka fumana tlhaloso e batsi. Ho bala litemana ho tsoa Bebeleng ho bohlokoa haholo, kaha ntle le matla a Bebele, pokello ena ea mantsoe e ka ba maikutlo a motho feela; ‘me ho tla be ho sa nepahala ha e sebelisoa e le ‘ngoe ho ka utloisisa Molimo (Jobo 42:7). Ho re ho bohlokoa ho rōna ho leka ho utloisisa hore na Molimo o joang e tla be e le ho sheba litaba ka mokhoa o fokolang! Kaha ho se atlehe ho ka ‘na hoa etsa hore re iketsetse, re lelekise, ‘me re khumamele melimo ea bohata khahlanong le takatso ea hae (Exoda 20:3-5).

Ke feela seo Molimo a khethileng ho se senola ka eena se ka tsejoang. E ‘ngoe ea boleng ba Molimo kapa matšoao ke “khanya”, ho bolelang hore O’a itlhahisa ka litaba tsa hae (Esaia 60:19, Jakobo 1:17). ‘Nete ea hore Molimo o Itšenotse e se ke be ea tlolisoa mohlo holimo, e le hore ho se ke be ha etsahala hore ho be le e mong oa rōna ea ka hlōloang ke ho kena phomolong ea oona (Ba-Heberu 4:1). Tlholeho, Bebele, le Lentsoe le entsoeng nama (Jesu Kreste) li tla re thusa ho tseba hore na Molimo o joang.

Ha re qale pele ka ho utloisisa hore Molimo ke ‘Mopi oa rōna ‘me re karōlo ea lihloliloeng tsa hae. Molimo o itse motho o entsoe ka setšoantšo sa hae. Motho o kaholimo ho lihloliloeng tsohle ‘me o filoe matla a ho busa holim’a tsona. Tlholeho e thunthelitsoe ke ‘ho sitoa’, che le ha ho le joalo, e ntse e fana ka leseli la mesebetsi ea hae (Genese 3:17-18; Ba-Roma 1:19-20). Ha re sheba boholo, botle, le tlhatlhamano ea tlholeho, re tla elelloa botle ba Molimo.

Ho bala ka a mang a mabitso a Molimo, ho ka re thusa lipatlisisong tsa rōna tsa hore na Molimo o joang. Mabitso ao ke ana:

Elohim - Ea matla, Ea moholo (Genese 1:1)
Adonai – Morena, e le sesupo sa likamano tsa Mookameli ho mohlanka oa hae (Exoda 4:10,13)
El Elyon - O holimo-limo, ea matla ‘ohle (Genese 14:20)
El Roi – Ea matla ‘ohle Ea bonang (Genese 16:13)
El Shaddai – Molimo o matla ‘ohle (Genese 17:1)
El Olam – Molimo oa ka mehla eohle (Esaia 40:28)
Yahweh – Morena “Ke ‘na” Ea-leng-teng”, ho bolelang hore ea tla ba teng ka ho sa feleng (Exoda 3:13,14)

Re tla tsoela-pele ho hlahloba haholo ka boleng ba Molimo; Molimo o phela ka ho sa feleng, ho bolelang hore ha a na qalo ‘me boteng ba hae bo ka se fele. Ha a shoe, ke oa ka mehla (Deuteronoma 33:27; Pesaleme ea 90:2; I Timothea 1:17). Molimo ha a fetohe; hona ho bolela hore Molimo o tšepahala ka hohle-hohle (Malakia 3:6; Numere 23:19; Pesaleme ea 102:26,27). Ha ho ea kang eena ka mesebetsi le ka boeena; ha a lekanngoe ‘me o lokile (II Samuele 7:22; Pesaleme ea 86:8; Esaia 40:25; Mattheu 5:48). Molimo ha a lekanngoe, ho bolelang hore o tebile, ha a hlalohanngoe, litsela tsa hae li ka se fihleloe ka hohle-hohle (Esaia 40:28; Pesaleme ea 145:3; Ba-Roma 11:33,34).

Molimo o lokile, ho bolelang hore ha a hlomphe batho hoo a ka bang a ba le khethollo (Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 18:30). Molimo o matla ‘ohle, ho bolelang hore o matla a maholo; a ka etsa eng kapa eng e mo thabisang, le ha ho le joalo liketso tsa hae li tla ipapisa le seo a leng sona (Tšenolo 19:6; Jeremia 32:17,27). Molimo o hohle, ho bolelang hore o lutse a le teng, hohle; sena ha se bolele hore Molimo ke ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe (Pesaleme ea 139:7-13; Jeremia 23:23). Molimo o tseba tsohle, ho bolelang hore o tseba tse fetileng, tsa joale le tse tlang, le seo re se nahanang ka linako tsohle; kaha a tseba tsohle toka ea hae o e aba ka mokhoa o se nang leeme.

Molimo o ‘notši, ha ho bolele feela hore ha ho e mong, empa le hore ke eena feela ea ka khonang ho fihlela litlhoko le litabe-tabelo tsa lipelo tsa rōna, ‘me eena a ‘notši o lokeloa ke hore re mo khumamele le hore re itelle eena (Deuteronoma 6:4). Molimo o lokile, ho bolelang hore Molimo a ke ke be a tlolisa mohlo liketso tse fosahetseng; ke ka lebaka la ho loka ha hae, e le hore libe tsa rōna li tle Ii tšoareloe, Jesu a ileng a tlameha ho feta tlasa kahlōlo ea Molimo nakong eo libe tsa rōna li neng li behiloe holim’a hae (Exoda 9:27; Mattheu 27:45-46; Ba-Roma 3:21-26).

Molimo o’a busa, ho bolelang hore o phahame; lihloliloeng tsohle tsa hae li behiloe ‘moho, li tsebang kapa li sa tsebeng, li ka se eme pele merero ea hae (Pesaleme ea 93:1; 95:3; Jeremia 23:20). Molimo ke moea, ho bolelang hore a ka se bonoe (Johanne 1:18; 4:24). Molimo ke boraro, ho bolelang hore o hararo bonngoeng ba hae, o mong ka boeena, o’a lekana ka matla le poko. Hlokomela hore temaneng ea pele eo re buileng ka eona “lebitso” leo le bonngoeng le ha e le hore le hlalosa Batho ba bararo – “Ntate, Mora, le Moea o Halalelang” (Mattheu 28:19; Mareka 1:9-11). Molimo ke ‘nete, ho bolelang hore o lumellana le sohle seo a leng sona, o tla lula a sa silafalehe ‘me a ka se etse leshano (Pesaleme ea 117:2; I Samuele 15:29).

Molimo o’a halalela, ho bolelang hore a ka se silafatsoe ‘me o khahlanong le litšila. Molimo o bona bobe bohle, ‘me bo’a mo khopisa; ho hlola ho boleloa ka mollo le ho halalela litemaneng tsa Bebele. Molimo o hlalosoa e le mollo o chesang haholo (Esaia 6:3; Habakuke 1:13; Exoda 3:2,4,5; Ba-Heberu 12:29). Molimo o mohau – sena se ka kenyelletsa ho loka ha hae, lereko, mosa, le lerato – e leng mantsoe a fanang ka leseli ka ho loka ha hae. Ha e ne e se ka mohau oa Molimo hoa bonahala hore, ho latela boleng ba hae ho ne ho se na moo re ka kenang teng. Ka lehlohonolo, ha ho joalo, kaha a lakatsa ho tseba e mong le e mong oa rōna ka botlalo (Exoda 34:6; Pesaleme ea 31:19; I Peterose 1:3; Johanne 3:16: Johanne 17:3).

Hona e bile feela mokhoa o bobebe oa ho leka ho araba pōtso ea boemo ba Molimo. Tsoela-pele ho khothalla ho mo batla hle (Jeremia 29:13).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Boleng ba Molimo ke bo feng? Molimo o joang?
© Copyright Got Questions Ministries