settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka ho hlala le ho nyala hape?

Karabo


Ntlha ea pele, ho sa tsotellehe hore na motho o e bona joang taba ena ea ho hlala, ho bohlokoa ho hopola mantsoe a Bebele ho tsoa ho Malakia 2:16a: “Hobane ke hloile hlalo, ho bolela Jehova, Molimo oa Iseraele.” Ho ea ka Bebele, morero oa Molimo ke hore lenyalo e be boitlamo ba bophelo bohle. “Ha ho joalo, ha ba sa hlola ba e-ba babeli, empa e le nama e le ‘ngoe feela. Ke moo ke reng: Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho” (Mattheu 19:6). Molimo oa elelloa, leha ho le joalo, hore kaha lenyalo le ama batho ba babeli ba baetsalibe, ho hlala ho tla etsahala. Testamenteng ea Khale, O ile a bea melao e le ho ka tšireletsa litokelo tsa bahlalani, haholo basali (Deuteronoma 24:1-4). Jesu o ile a supa hore melao ena e ne e fanoe ka baka la lipelo tsa batho, e seng hobane e ne e le takatso ea Molimo (Mattheu 19:8).

Taba ea hore ho hlala le ho nyala hape ho lumelletsoe ho latela Bebele e holim’a mantsoe a Jesu ho Mattheu 5:32 le 19:9. Polelo ena “ha e se ka baka la bofebe” ke eona feela ntho e fanang ka tumello ea Molimo ea ho ka hlala le ho nyala hape. Bongata ba litoloko bo utloisisa “polelo ena ea tumello” e bolela “ho feba” nakong eo ho tšepisanoeng lenyalo. Ho latela meetlo ea ba-Juda, monna le mosali ba ne ba nkoa ba nyalane le ha ba ntse ba tšepisane ho nyalana. Bofebe nakong ea ho tšepisana lenyalo e ne e le lebaka feela le neng le lekane hore ho ka hlalanoa.

Leha ho le joalo, lentsoe la se-Gerike le fetoletsoeng lentsoeng lena “bofebe” ke lentsoe le ka bolelang ketso e ‘ngoe le e ‘ngoe feela e litšila e ka amanngoang le thoabalano. Ho ka bolela thoabalano lipakeng tsa batho ba so ka ba kena lenyalong, thoabalano lipakeng tsa motho ea nyetseng le motho ea sa nyalanang le eena, ho kena thoabalanong e le ho ka fumana chelete, le tse ling. Mohlomong Jesu o re ho hlala ho ka lumelloa haeba ho ile ha e ba le ketso e litšila e ka amanngoang le thoabalano. Thoabalano ke ntho e matla ea kopano ea lenyalo “’me e tla ba nama e le ‘ngoe” (Genese 2:24; Mattheu 19:5; Ba-Efese 5:31). Kahoo, ho roba kopano eo ka ho ba le thoabalano kantle ho lenyalo e ka ba lebaka le amohelehang la ho hlala. Haeba ho joalo, Jesu serapeng sena, o nahanne ka hore ho tla ba le ho nyala hape. Polelo “nyala e mong” (Mattheu 19:9) e bontša hore ho hlala le ho nyala hape ho lumelletsoe ha feela ho ile ha eba le bofebe. Ho tlameha ho hlaka hore ke feela ea sa kang a feba ea lumelletsoeng ho ka nyala. Leha e sa boleloa litabeng tseo, ho nyala hape ke mohau oa Molimo ho eo ea foselitsoeng, e seng ea entseng phoso. Ho ka etsahala hore motho eo ea entseng phoso a lumelloe ho ka nyala – empa taba eo ha e rutoe serapeng sena.

Ba bang ba utloisisa I Ba-Korinthe 7:15 e le “tumello” e ‘ngoe, e lumellang ho nyala hape ha eba ea sa lumelang ho Jesu a hlala molumeli. Leha ho le joalo, serapa sena ha se bolele ho nyala hape, e mpa se re feela molumeli ha a tlamelloa ho tsoela-pele lenyalong haeba molekane oa hae, ea sa lumelang ho Jesu, a batla ho tsoa lenyalong leo. Ba bang ba re tlhekefetso (ea molekane kapa ngoana) ke mabaka a lekaneng hore ho ka hlaloa leha li sa boleloa Bebeleng. Leha ho le joalo, ha se bohlale ho hakanya Lentsoe la Molimo.

Nakong e ‘ngoe, se lahlehang ha ho ngangisanoa ka polelo ena ea tumello, ke hore na “bofebe” bo bolela eng, sena e mpa e le monyetla oa ho hlala, e seng tlhokahalo ea tlhalano. Leha bofebe bo ka etsoa, banyalani, ka mohau oa Molimo, ba ka ithuta ho tšoarela ‘me ba qala ho aha bocha lenyalo la bona. Molimo o re tšoaretse ho tse ngata. Re ka nka mohlala oo oa Hae ‘me ra tšoarelana sebe seo sa bofebe (BA-Efese 4:32). Leha ho le joalo, makhetlong a mangata, u tla fumana hore ea phoso ha a khutle mekhoeng ea hae e litšila ‘me o ntse a tsoela-pele ka bofebe. Ke moo Mattheu 19:9 e ka sebetsang. Bongata bo se bo potlakela ho nyala kamora ho hlala ha ka nako e ‘ngoe Molimo a ne a ka lakatsa hore ba phele ba sa nyala / nyaloa. Molimo ka nako e ‘ngoe o fa motho pitso ea ho se nyale / nyaloe e le hore a tle a shebe Molimo feela (I Ba-Korinthe 7:32-35). Ho nyala hape kamora ho hlala e ka ba khetho maemong a mang, empa hoo ha ho bolele hore ha ho sa na khetho e ‘ngoe.

Ho khathatsa matla ho fumana hore tlhalano e etsahala ka mokhoa o holimo har’a ba ipitsang Bakreste joalo ka har’a ba sa lumelang. Bebele ea hlakisa hore Molimo o hloile hlalo (Malakia 2:16) le hore poelano le tšoarelano li tšoanetse ho ba matšoao a bophelo ba molumeli (Luka 11:4; Ba-Efese 4:32). Leha ho le joalo, Molimo o elelloa hore ho hlala ho tla etsahala, le har’a bana ba Hae. Molumeli ea hlalileng / hlaliloeng le / kapa ea boetseng a nyala / nyaloa a se ke be a utloa e ka Molimo ha a mo rate haholo, leha e ka ba tlhalano ea bona le / kapa ho nyala / nyaloa ha hae ho sa kenyelletsoa temaneng ea tumello ea Mattheu 19:9. Molimo hangata o sebelisa le ho se mamele hoa Mokreste ho fihlela tse molemo.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka ho hlala le ho nyala hape?
© Copyright Got Questions Ministries