settings icon
share icon
Pōtso

Ke sa tsoa amohela Morena Jesu…ho latela eng?

Karabo


Ke sa tsoa amohela Morena Jesu…ho latela eng?

Re thaba le uena! U entse qeto e fetolang bophelo! Ka mohlomong potso ea hao e re, “Ho latela eng? Nka qala leeto lee la ka le Molimo joang?” Mehato e mehlano e latelang, e tla u fa tsela e tsoang Bebeleng eo u tlang ho e latela. Ha u ka ba le lipotso ka hare ho leeto lena la hao, ka kōpo hle, kopana le rōna ho: www.GotQuestions.org/Sesotho.

1. Etsa bonnete ba hore u utloisisa pholoho.

I Johanne 5:13 e re bolella hore, “Ke le ngoletse taba tseo, lōna ba lumelang lebitso la Mora oa Molimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng.” Molimo o batla hore re be le tšepo e tiileng ea ho tseba hore re pholositsoe. Ka bokhutšoanyane, ha re ke re shebe lintlha tsa bohlokoa tsa pholoho:

a) Re setiloe. Bohle re entse lintho tse sa thabiseng ho Molimo (Ba-Roma 3:23).

b) Ka lebake la litšito tsa rōna, re lokeloa ke kotlo ea bophelo bo sa feleng re arohane le Molimo (Ba-Roma 6:23),

c) Morena Jesu o shoele sefapanong a lefella kotlo eo sebakeng sa libe tsa rōna (Ba-Roma 5:8; II Ba-Korinthe 5:21). Morena Jesu o shoele sebakeng sa rōna, a nka kotlo e neng e re tšoanese. Tsoho ea hae e pakahalitse hore lefu la hae le khonne ho lefella libe tsa rōna.

d) Molimo o fana ka tšoarelo le pholoho ho ba behileng tumelo ea bona ho Jesu- ba tšepa lefu la hae hore le bile tefo ea litšito tsa rōna (Johanne 3:16; Ba-Roma 5:1; Ba-Roma 8:1).

Hona ke molaetsa oa pholoho! Ha eba u behile tumelo ea hao ho Jesu Kreste e le Mopholosi, u pholositsoe! Litšito tsa hao li lebetsoe ‘me Molimo o tšepisa ho ba le uena ka mehla eohle (Ba-Roma 8:38-39; Mattheu 28:20). Hopola hore, pholoho ea hao e na le tiisetso e sa fetoheng ho Jesu Kreste (Johanne 10:28-29). Ha eba u behile tšepo ea hao ho Morena Jesu feela, e le Mopholosi oa hao, u ka ba le boitšepo bo feletseng hore u tla phela bophelo bo sa feleng leholimong le Morena Molimo!

2. Fumana kereke e rutang Bebele.

U se nke kereke e le moaho. Kereke ke batho. Ho bohlokoa ho ba lumelang ho Jesu Kreste ho ba le likopano tsa Balumeli. Likopano tsa Balumeli ke tse ling tsa mantlha kerekeng. Joalo kaha u se u behile tumelo ea hao ho Jesu Kreste, re u khothatsa ka matla hore u fumane kereke e lumelang Bebeleng sebakeng sa heno ‘me u itlhahise ho Moruti. Etsa hore a tsebe ka tumelo ea hao ho Jesu Kreste, e ncha.

Morero oa bobeli oa kereke ke ho ruta Bebele. U tla ithuta ka ho phela ka melao ea Molimo. Ho utloisisa Bebele ho bohlokoa haholo ho pheleng bophelo ba Bolumeli bo matla bo bile bo atlehile! II Timothea 3:16-17 e re, “Lengolo lohle le bululetsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho holisa ka khōlo ea ho lōka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ‘me a rutehele ruri mosebetsing eohle e molemo.”

Morero oa boraro oa kereke ke ho khumamela Molimo. Ho khumamela Molimo ke ho leboha Molimo ka tseo a li entseng! Molimo o re pholositse. Molimo o’a re rata. Molimo o’a re fa. Molimo o’a re tataisa. Re ka sitoa ke eng ho mo leboha? Molimo o’a halalela, o lokile, o lerato, o mosa, hape o tletse ka mohau. Tšenolo 4:11 e re, “Morena, U loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ‘me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.”

3. Iphe nako ea ho tsepamisa maikutlo a hao ho Molimo, letsatsi ka leng.

Ho bohlokoa ho ba le nako ea ho tsepamisa maikutlo a hao ho Molimo. Batho ba bang ba re ena ke “nako ea boikhutso”, “lekunutung le Morena” ha ba bang ba e bitsa “nako ea ho ipeha ho Molimo,” lebaka ke hobane re itlhahisa le ho ipeha taolong ea Molimo. Batho ba bang ba rata ho ba le nako ena hoseng, ha ba bang ba e thabela ha e le mantsiboea. Ha ho bohlokoa hore na u bitsa nako ena eng, le hore na e ba neng. Ho bohlokoa ke hore na u ba le nako le Molimo khafetsa. Ke liketsahalo li feng tse etsang kopano ea hao le Molimo?

a) Thapelo. Thapelo e bolela feela ho bua le Molimo. U bue le Molimo ka lintho tse u amang le mathata a hao. Kōpa Molimo ho araba litlhoko tsa hao. Bolella Molimo kamoo u mo ratang kateng le kamoo u ananelang tsohle tseo a u etselitseng tsona. Ke seo thapelo e leng sona.

b) Ho bala Bebele. Ho ekeletsa thuto ea Bebele eo u e fumaneng kerekeng, sekolong sa sontaha, le likopanong tse ling- u hloka ho ipalla Bebele. Bebele e na le sohle seo u hlokang ho se tseba e le hore u phele bophelo bo atlehileng ba Bolumeli. E na le tataiso ea Molimo sebakeng sa ho etsa liqeto tse nepahetseng, ho tseba sepheo sa Molimo, mokhoa oa ho hola moeeng. Bebele ke buka ea melaoana ea Molimo e re thusang ho phela maphelo a rōna ka tsela e thabisang Molimo le e re khotsofatsang.

4. Ntlafatsa likamano le batho ba tlang ho u thusa ho hola moeeng.

I Ba-Korinthe15:33 e re bolella hore, “Le se ke la lahleha: litloelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.” Bebele e tletse litlhokomeliso tsa hore na batho ba “babe” ba ka re khelosa joang. Ho ba le batho ba etsang liketso tsa sebe, ho ka re beha tekong ‘me ra ba ra iphumana re entse liketso tseo tsa bona. Semelo sa bao re bang le bona khafetsa se ka re tšoaetsa. Ke kahoo ho leng molemo ho ba har’a batho ba ratang Molimo ‘me ba ikitlahelitse ho eena re tle re fumane tšoaetso ea bona.

Leka ho fumana motsoalle kapa e ‘meli, mohlomong ho tsoa hona kerekeng ea hao, ba ka khonang ho u thusa le ho u khothatsa (Ba-Heberu 3:13; 10:24). Kōpa metsoalle ea hao ho bona hore ha u fose nako ea hao ea “lekunutung le Morena”, tseo u Ii etsang, le tsela ea hao le Molimo. Ba botse hore na u ka etsa joalo le ho bona na. Hona ha ho bolele hore u tlameha ho tlohella metsoalle ea hao eohle e sa tsebeng Jesu e le mopholosi. Tsoela-pele ho ba motsoalle oa bona ‘me u ‘ne u ba rate. Feela etsa hore ba tsebe hore Jesu o fetotse bophelo ba hao ‘me u ka se etse lintho tseo u neng u tloaetse ho li etsa. Kōpa Molimo ho u fa menyetla ea ho ba joetsa ka Jesu.

5. Kolobetsoa.

Batho ba bangata ha ba utloisisi kolobetso. Lentsoe “kolobetso” le bolela ho koaheloa ke metsi. Kolobetso ke mokhoa oa Bebeleng oa ho bolela phatlalatso ea tumelo ea hao e ncha ho Kreste le boitlamo ba ho mo sala morao. Ketso ea ho koaheloa ke metsi e bolela hore re patiloe ‘moho le Kreste. Ketso ea ho tsoa ka har’a metsi e fana ka setšoantšo sa Kreste ha a tsōha bafung. Kolobetso e u amahanya le lefu la Jesu, ho patoa ha hae, le ho tsoha ha hae (Ba-Roma 6:3-4).

Kolobetso ha se eona e u pholosang. Kolobetso ha e hlatsoe litšito tsa hao. Kolobetso ke mohato oa boikokobetso, ho bolela phatlalatsa tumelo ea hao ho Kreste e le ho ka fumana pholoho. Kolobetso e bohlokoa kaha e le mohato oa boikokobetso- ho bolela phatlalatsa tumelo ea hao ho Kreste le boitlamo ba hao ho eena. Ha u se u hloka ho kolobetsoa, u bue lemoruti.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ke sa tsoa amohela Morena Jesu…ho latela eng?
© Copyright Got Questions Ministries