settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka lenyalo la mehlobo e fapaneng?

Karabo


Molao oa Testamente ea Khale o laetse bana ba Iseraele ho se nyallane le mehlobo e meng (Deuteronoma 7:3-4). Lebaka e ne e le hore bana ba Iseraele ba tla kheloha ho Molimo ha ba ne ba ka nyallana le ba sebeletsang melimo esele. Molaoana o joalo o teng Testamenteng e Ncha, empa e le ka boemo bo fapaneng haholo: “Se sikareng joko e le ‘ngoe le ba sa lumeleng; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano le lefifi?” (II Ba-Korinthe 6:14). Joalo kaha bana ba Iseraele (balumeli ho Molimo ea mong, oa ‘nete) ba ne ba laetsoe ho se nyallane le ba sa lumeleng, le Bakreste (balumeli ho Molimo ea mong, oa ‘nete) ba laeloa ho se nyallane le ba sa lumeleng. Ho araba pōtso ena ka kotloloho, che, Bebele ha e re lenyalo la mehlobo e fapaneng le fosahetse.

Motho o tšoanetse ho shejoa ho ipapisitsoe le botho ba hae, e seng lebala la letlalo la hae. Bohle re be hlokolosi hore re se ke ra iphumana re rata ba bang ho feta ba bang kapa hona ho khetholla batho ka ‘mala ea bona (Jakobo 2:1-10, sheba litemana tsa 1 le 9). Seo monna kapa mosali a tšoanetseng ho se sheba ha a khetha molekane ke ho fumana hore na o rata Kreste (II Ba-Korinthe 6:14), e be motho ea tsoetsoeng la bobeli ka tumelo ho Jesu Kreste (Johanne 3:3-5). Tumelo ho Kreste, e seng ‘mala oa letlalo, ke mokhoa oa Bebele o ka sebelisoang ho khetha molekane. Lenyalo lipakeng tsa mehlobo e fapaneng ha se taba eo ho ka thoeng e nepahetse kapa che, empa ke taba ea bohlale, temoho, le thapelo.

Lebaka leo lenyalo lipakeng tsa mehlobo e fapaneng le tšoanetseng ho shejoa ka hloko, ka lona, ke la mathata a ka tšoanang a e ba teng ka lebaka la litloelo tse fapaneng tsa batho ba mehlobo e fapaneng. Bothata ke hore ba bang ba ka sitoa ho amohela litloelo tseo tse fapaneng. Manyalong a mangata lipakeng tsa batho ba hlahang mehlobong e fapaneng, ho na le likhethollo tsa ‘mala le ho tlokana, ka nako e ‘ngoe ho hlaha ka lapeng. Manyalong a mang ho be le mathata ka lebaka la ngoana ea hlahang a ena le lebala le tsoakantseng mabala a batsoali le la e mong oa lelapa kapa le tšoana le la e mong oa lelapa. Ha batho ba mehlobo e fapaneng ba batla ho etsa qeto ea ho nyalana ba tla tšoanela ho shebisana ka tsena tsohle. Hape, leha ho le joalo, thibelo eo Bebele e e boletseng hore na Mokreste a nyalane le mang ke holim’a hore na motho eo ke karolo ea lelapa la ‘Mele oa Kreste.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka lenyalo la mehlobo e fapaneng?
© Copyright Got Questions Ministries