settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka linyao / ho phatsa?

Karabo


Molao oa Testamente ea Khale o laetse bana ba Iseraele oa re, “le se ka la phatsa ‘mele oa lōna ka baka la mofu, ‘me le se ke la ingola litšoantšo ka lehare. Ke ‘na JEHOVA” (Levitike 19:28). Leha e le mona balumeli ba se tlasa molao oa Testamente ea Khale (Ba-Roma 10:4; Ba-Galata 3:23-25; Ba-Efese 2:15), taba ea hore feela ho ne ho na le molao o khahlanong le ho etsa linyao, e tšoanetse ho etsa hore re ipōtse lipōtso ka tsona. Testamente e Ncha ha e re letho ka hore na molumeli a ka etsa linyao kapa che.

Malebana le linyao le ho phatsa, ho ka nepahala ha re ka ipōtsa hore na re ka kōpa, ka tieo, Molimo ho re hlohonolofatsa ‘me a sebelise ntho eo sebakeng sa merero ea Hae e metle. “Empa leha le e-ja, leha le e-noa, leha le e-tsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (I Ba-Korinthe 10:31). Bebele ha e hanyetsane le linyao kapa ho phatsa, feela ha e re fe lebaka la ho lumela hore Molimo a ka rata ha re ba le linyao kapa re phunye.

Taba e ‘ngoe eo re ka e shebang ke boitlhompho. Bebele e re laela ho apara ka boitlhompho (I Timothea 2:9). Ho apara ka boitlhompho ho kenyelletsa ho etsa bonnete ba hore tse lokelang ho koaheloa ke liphahlo, li koahetsoe. Leha ho le joalo, ho apara ka boitlhompho ho bolela ho se etse hore mahlo a batho bohle a be ho uena. Linyao le ho iphunya, ntle le qeea-qeeo, li bitsa mahlo a batho. Kahoo, linyao le ho phunya ha li na boitlhompho.

Seo Bebele e re rutang sona ka lintho tseo e sa reng letho ka tsona ke hore ha ho ena le pelaelo ka tsona hore na li thabisa Molimo kapa che, re se li etse. “’Me se seng le se seng se sa etsoeng ka tumelo ke sebe” (Ba-Roma 14:23). Re tšoanetse ho hopola hore ‘mele, le meea tsa rōna li lopolotsoe ‘me ke tsa Molimo. Leha e le mona, I Ba-Korinthe 6:19-20 e sa bue ka linyao le ho iphunya, ea hlakisa hore na se tšoanetseng ho etsoa ke se feng. “Ana ba le tsebe hobane ‘mele ea lōna ke tempele ea Moea o Halalelang, o leng teng ka ho lōna, oo le o filoeng ke Molimo? Hape ha le ba lōna, hobane le lopolotsoe ka theko. Tlotlisang Molimo ke hona ‘meleng ea lōna le meeeng ea lōna, e leng ea Molimo.” ‘Nete ena, e matla e tšoanetse ho laola hore na re etsa eng le hore na re ea kae ka ‘mele ea rōna. Haeba ‘mele ea rōna ke ea Molimo, re tšoanetse ho etsa bonnete ba hore re fumana “tumello” ea Hae pele re ka e etsa linyao le ho e phunya.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka linyao / ho phatsa?
© Copyright Got Questions Ministries