settings icon
share icon
Pōtso

Na liphoofolo li ea Leholimong? Na liphoofolo li na le Moea?

Karabo


Bebele ha e na thuta e ikhethileng e buang ka hore na liphoofolo li na le “Moea” kapa hore na li tla ba teng leholimong. Leha ho le joalo, re ka nka litemana tse fapakaneng e le ho ka hlalosa taba ena. Bebele e bolela hore motho (Genese 2:7) le liphoofolo (Genese 1:30; 6:17; 7:15,22) li na le phefumoloho ea ho phela. Phapano ea mantlha lipakeng tsa batho le liphoofolo ke hore motho o bopiloe ka setšoantšo le ho tšoana le Molimo (Genese 1:26-27). Liphoofolo ha lia boptjoa ka setšoantšo le ho tšoana le Molimo. Ka baka la hobane motho a bopiloe ka setšoanto le ho tšoana le Molimo, ho bolela hore batho ba tšoana le Molimo, ba na le bokhoni ba Moea, ka kelello, maikutlo, le thato - ‘me – ba na le botho boo bo tsoelang-pele le kamora lefu. Haeba liphoofolo li na le “Moea” e tšoanetse e be e le oa “boemo” bo fapaneng ‘me e le bo tlaasana. Phapano ena e ka ‘na ea ba e bolela hore “Moea” oa liphoofolo ha o tsoele-pele kamora lefu.

Taba e ‘ngoe e ka shejoang mabapi le pōtso ena, ke ea hore Molimo o hlolile liphoofolo e le karolo ea tlholeho ea Hae e hlollang ho Genese. Molimo o entse liphoofolo ‘me oa bona hoba ho molemo (Genese 1:25). Kahoo, ha ho na lebaka la hore e be ha ho na ho ba le liphoofolo lefatšeng le lecha (Tšenolo 21:1). Ho na le tiisetso ea hore liphoofolo li tla ba teng ‘musong o mocha (Esaia 11:6; 65:25). Ho tla ba thata ho bolela ka tieo hore na tse ling tsa liphoofolo tsena e tla be e le tsena tseo re phelang le tsona. Rea tseba hore Molimo o lokile ‘me ha re fihla Leholimong re tla iphumana re lumellana ka botlalo le eena liqetong tsohle tsa Hae malebana le taba ena.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na liphoofolo li ea Leholimong? Na liphoofolo li na le Moea?
© Copyright Got Questions Ministries