settings icon
share icon
Pōtso

Ke melao e feng e mene ea Moea?

Karabo


Melao e mene ea Moea ke tsela ea ho bua ka litaba tse molemo tsa pholoho tse fumanoang ka tumelo ho Jesu Kreste. Ke mokhoa o bobebe oa ho hlophisa litaba tsa bohlokoa tsa lentsoe ka likaroloana tse ‘ne.

Molao oa pele ho e mene ea Moea ke o reng “Molimo o’a u rata ‘me o na le morero o motle ka bophelo ba hao.” Johanne 3:16 e re bolella hore “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” Johanne 10:10 e re fa lebaka leo Jesu a tlileng ka lona, “Ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa.” Ke eng e re arohanyang le lerato la Molimo? Ke eng e re sitisang ho fumana bophelo bo phethahetseng?

Molao oa bobeli oa e mene ea moea ke o reng, “Batho ba silafalitsoe ke sebe, ka hona ba arohane le Molimo. Ka lebaka leo, ha re tsebe merero e molemo ea Molimo ka maphelo a rōna. Ba-Roma 3:23 e re tiisetsa litaba tsena, “Hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” Ba-Roma 6:23 e re bontša meputso ea sebe, “moputso oa sebe ke lefu.” Molimo o re bopetse ho ba le kopano le eena. Leha ho le joalo, motho a tlisa sebe lefatšeng, ‘me a arohana le Molimo. Re sentse likamano le eena, tseo a neng a re reretse hore re be le tsona le eena. Tharollo ke e feng na?

Molao oa boraro oa moea ke “Jesu Kreste ke eena feela ea fanoeng ke Molimo bakeng sa libe tsa rōna. Ka Jesu Kreste, re ka tšoareloa libe ‘me ra khutlisetsa likamano tse nepahetseng le Molimo. Ba-Roma 5:8 e re bolella hore, “Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka ho re, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” Ho I Ba-Korinthe 15:3-4 re fumana hore na re lokela ho tseba eng, le ho lumela ho mang e le hore re pholohe, “…ho re, Kreste o shoele ka baka la libe tsa rōna, kamoo Mangolo a bolelang kateng; ‘me o kile a patoa, a ba a tsoha ka letsatsi la boraro, ka moo Mangolo a bolelang ka teng.” Jesu ka boeena o phatlalatsa hore ke eena feela tsela ea pholoho ho Johanne 14:6 “ke ‘na tsela, le ‘nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ‘na.” Na nka amohela joang mpho ee e hlollang ea pholoho?

Oa bone oa Melao e mene ea moea ke o reng, “Re lokela ho bea tumelo ea rōna ho Jesu Kreste e le Mopholosi, e le hore re fumane mpho ea pholoho, re tle re tsebe merero ea Molimo ka maphelo a rōna.” Johanne 1:12 e re hlalosetsa sena “Empa bohle ba le amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo,” Liketso 16:31 e re bolella ka mokhoa o hlakileng hore “Lumela ho Morena Jesu Kreste, ‘me u tla bolokeha!” Re ka pholosoa ka mohau feela, ka tumelo feela, ka Jesu Kreste feela (Ba-Efese 2:8-9).

Ha eba u batla ho tšepa Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao, bolela mantsoe a latelang ho Molimo. Tseba hore, ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela, ha ho na ho u pholosa. Ke ho tšepa Kreste feela ho ka u pholosang sebeng. Thapelo ena e hlahisa feela tumelo ea hao ho Molimo le ho leboha hore o fana ka pholoho. “Molimo, kea tseba hore ke bile le litšito ho uena, ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena ke tšoareloe. Ke fetohela libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena e le hore ke fumane pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ke melao e feng e mene ea Moea?
© Copyright Got Questions Ministries