settings icon
share icon
Pōtso

Moelelo oa bophelo ke eng?

Karabo


Moelelo oa bophelo ke eng? Nka fumana sepheo, katleho, le khotsofalo bophelong joang? Na nka ba le bokhoni ba ho fihlela ntho e ka bang le bohlokoa bo sa feleng? Batho ba bangata ha ba emise ho nahana ka hore na moelelo oa bophelo ke eng. Ba sheba lilemo tse fetileng ‘me ba ipotse hore na hobaneng likamano tsa bona li ileng tsa thuoeha ‘me kahoo ba se ikutloe ha monate le ha ba atlehile ho fihlela tseo ba neng ba lakalitse ho li fihlela. Sebapali sa “baseball” se ileng sa fihlela maemo a holimo papaling eo se ile sa botsoa hore se ne se ka lakatsa hore e be ho ka be ho kile hoa thoe eng ho eena ha a qala ho bapala “baseball”. A arabela a re, “Ekare ho ka be ho ile ha e-ba le motho ea mpolellang hore ha u fihlela maemomg a holimo, ha ho na letho moo.” Bongata ba lintho tseo re li lelekisang bophelong mona li bontša ho hloka thuso ha tsona kamora ho senya nako e telele re li lelekise.

Bophelong mona, batho ba lelekisa lintho tse ngata, ka khōpōlo ea hore ba tla fumana moelelo ho tsona. Lintho tsena li kenyelletsa: katleho khoebong, leruo, likamano tse ntle, thoabalano, boithabiso, ho etsa hantle ho ba bang, le tse ling. Batho ba boletse hore ha ba ntse ba atleha linthong tsena tsa bona ho ne ho ntse ho utloahala ho se khotsofale tlaase botebong ba pelo—maikutlo a ho se khotsofale a neng a utloahala ho se ntho e ka a felisang.

Mongoli oa buka ea Moeklesia o tiisa taba ena ha a re, “Ke lefeela! Ke lefeela!...Sohle ke lefeela! Ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe ha e na moelelo.” O ne a ena le borui bo sa lekanngoeng, bohlale bo fetang ba batho ba mehleng ea hae kapa ba mehleng ea rōna, basali ba baloang ka makholo-kholo, liqhobosheane, le masimo a neng a kenya mōna mebusong e meng, lijo le veini tse hlabosehang, a boetse a ena le mofuta o mong le o mong oa boithabiso. O ile a re ka nako e ‘ngoe, ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo pelo ea hae e neng e e batla o ne a e lelekisa. Empa o hlalositse “bophelo tlasa letsatsi” (bophelo bo pheloang joalo kaha e ka ke feela tse bonoang ka mahlo le tseo re fetang hara tsona tse ka pheleloang) e le lefeela! Hobaneng ho nang le ho se khotsofale hoo? Lebaka ke hobane Molimo a re entse sebakeng sa ntho e ‘ngoe e fetang eo re ka e fumanang mona, hona joale. Salomone a re ho Molimo, “O bile o beile lefatše lohle pel’a bona hore ba lemohe litaba tsa lona…” Lipelong tsa rōna rea elelloa hore seo re se phelang “joale” ha se sohle seo re se phelelang.

Ho Genese, e leng buka ea pele ea Bebele, re fumana hore Molimo o bopile batho ka ho tšoana le eena (Genese 1:26). Hona ho bolela hore re tšoana le Molimo ho feta eng kapa eng (ntho e ‘ngoe e phelang). Re elelloa hape hore pele motho a ka etsa sebe ‘me thohako e tla lefatšeng, tse latelang e ne e le ‘nete: (1) Molimo o entse motho e le sebopuoa se nang le likamano (Genese 2:18-25); (2) Molimo a fa motho boikarabello (Genese 2:15); (3) Molimo a ba le kopano le Motho (Genese 3:8); ‘me (4) Molimo a nea motho matla a ho busa holim’a lefatše (Genese 1:26). Moelelo oa tsena tsohle ke o feng? Ke lumela hore Molimo o ne a rerile hore tsena tsohle li tle li eketse khotsofalo ea rōna bophelong, empa tsena tsohle (haholo kopano ea Molimo le motho) li sentsoe haholo ke ho oela ha motho sebeng le thohako e oetseng lefatše (Genese 3).

Ho Tšenolo, e leng buka ea ho qetela ea Bebele, qetellong ea liketsahalo tsa mehleng ea bofelo, Molimo o senola hore o tla felisa lefatše lena la joale le maholimo joalo kaha re a tseba, ‘me a tlise maemo a ka ho sa feleng ka ho etsa leholimo le lecha le lefatše le lecha. Ka nako eo, O tla khutlisetsa kopano ea hae le batho ba pholositsoeng malulong a nepahetseng. Ba bang ba batho ba tla be ba se ba ahlotsoe ‘me ba se ba akhetsoe Letšeng la Mollo (Tšenolo 20:11-15). ‘Me thohako ea sebe e tla felisoa; ha ho sa tla hlola ho eba le sebe, masoabi, bokulo, lefu, bohlōkō, le tse ling tse mpe (Tšenolo 21:4). ‘Me balumeli ba tla ja lefa la lintho tsohle; Molimo o tla lula le bona, ‘me e tla ba bara ba hae (Tšenolo 21:7). Joale re tla be re khutletse kopanong eo Molimo a re entseng hore re be le eona le eena; motho o entse sebe, ‘me a senya kopano eo; Molimo o khutlisetsa kopano eo ka botlalo boemong ba bophelo bo sa feleng le bao Molimo a boneng ba lokeloa ke ho ba le eona le eena. Joale, ho phela u lelekisa ntho e tlang hore ha u shoa e u arohanye le Molimo ka ho sa feleng, ho tla be ho se na thuso ea hore e be u kile oa phela! Empa Molimo o entse monyetla oa hore u se be le thabo ea ka ho sa feleng feela (Luka 23:43), empa le hore bophelo bona bo u khotsofatse ‘me bo be le moelelo hape. Joale, thabo ee ea ka ho sa feleng le “leholimo lefatšeng” li fumanoa joang?

MOELELO OA BOPHELO O KHUTLISELITSOE KA JESU KRESTE

Joalo kaha ho boletsoe ka holimo, moelelo oa ‘nete bakeng sa joale le bophelong bo sa feleng o fumanoa ka ho lokisa likamano le Molimo tse neng li senyehile nakong ea Adama le Eva ka ho oela sebeng. Kajeno, likamano tseo li ka atleha feela ka Mora oa hae, Jesu Kreste (Liketso 4:12; Johanne 14:6; Johanne 1:12). Bophelo bo sa feleng bo fumanoa ha motho a fetohela libe tsa hae (ha a sa batla ho tsoela-pele ka tsona empa o batla hore Kreste a mo fetole a mo etse motho ea mocha) ‘me a qala ho tšepa Jesu Kreste e le Mopholosi (sheba pōtso ena “Morero oa pholoso ke eng?” bakeng sa ho utloa haholoanyane ka taba ena ea bohlokoa).

Joale, moelelo oa ‘nete o ka se fumanoe feela ka ho fumana Jesu Kreste e le Mopholosi (le ha seo se thabisa hakalo). Empa, moelelo oa ‘nete oa bophelo o fumanoa ha motho a qala ho sala Kreste morao e le morutuoa oa hae, a ithuta ka eena, a ba le nako le eena Lentsoeng la hae, e leng Bebele, ba bua le eena ka thapelo, ‘me ba tsamaea le eena ka ho ikokobelletsa melao ea hae. Ha ekaba ha u Molumeli (kapa u Molumeli ea mocha) e ka ‘na ea ba u ntse u itjoetsa hore, “Taba tsena ha li nthabise kapa hona ho nkhothatsa!” Empa he, tsoela-pele ho bala. Jesu o entse lipolelo tse latelang:

“Tloong ho ‘na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ‘me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ‘me le ithute ho ‘na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ‘me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima” Mattheu 11:28-30). “’Na, ke tlile hore li be le bophelo, li bo bone ka ho fetisisa” (Johanne 10:10b). “Eaba Jesu o re ho barutuoa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ‘me a ntšale morao. Hobane e mong le e mong ea ratang ho boloka bophelo ba hae, o tla timelloa ke jona; empa e mong le e mong ea timelloang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla bo fumana” (Mattheu 16:24-25). “U ikhahlisetse ho Jehova, ‘me o tla u nea se batloang ke pelo ea hao” (Pesaleme ea 37:4).

Se boleloang ke litemana tsena ke hore re na le khetho. Re ka tsoela-pele ho batla ho laola maphelo a rōna (e be re qetella ka ho phela bophelo bo se nang thuso) kapa re khethe ho sala morao Molimo le takatso ea hae ka maphelo a rōna ka pelo eohle (e leng se tlang ho etsa hore re phele bophelo ka botlalo, ‘me re neoe tse batloang ke lipelo tsa rōna, ‘me re fumane khotso le khotsofalo). Hona, ho tjena hobane ‘Mopi oa rōna a re rata ‘me a re lakaletsa tse ntle (le ha e ka se be bophelo bo bobebe hakalo, empa he bo khotsofatsang).

Ha ke koala, ke rata ho bua ka setšoantšo seo ke se kalimileng ho tsoa ho motsoalle oa ka oa moruti. Ha ekaba u motšehetsi oa lipapali ‘me u etsa qeto ea ho ea papaling e ‘ngoe e khōlō, u ka lefa hanyenyane ‘me oa lula setulong se batlang se le thokoana le libapali kapa oa lefa haholoanyane ‘me oa shebela libapali haufi. Ho joalo le bophelong ba Bokreste. Ho bona Molimo a etsa lintho HANG HANG ha se hoa Bakreste ba eang kerekeng ka Sontaha feela. Ha baa lefa tefo e lekaneng. Ho bona Molimo a etsa lintho HANG HANG, ke hoa morutuoa oa Jesu eo ka ‘nete a tlohetseng ho lelekisa litakatso tsa hae ‘me a mpa a shebane le morero oa Molimo bophelong. BA lefile tefo e lekaneng (e leng ho ikokobelletsa Jesu le morero oa hae); ba phela bophelo ka botlalo; ‘me ha ba itšabelle, ba ka lebana le metsoalle ea bona, ‘me ba ka lebana le ‘Mopi oa bona ntle le masoabi! Na u lefile tefo e lekaneng? U lakatsa ho etsa joalo? Ha ekaba ho joalo, u ka se hlole u batla moelelo kapa morero oa bophelo hape.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Moelelo oa bophelo ke eng?
© Copyright Got Questions Ministries