Neo ea ho bua ka maleme ke eng? Na neo ea ho bua ka maleme ke ntho ea mehleng ea joale?




Pōtso: "Neo ea ho bua ka maleme ke eng? Na neo ea ho bua ka maleme ke ntho ea mehleng ea joale?"

Karabo:
Lekhetlo la pele la ho bua ka maleme e ne e le ka letsatsi la Pentekonta ho liketso 2:1-4. Baapostola ba ile ba tsoa ho ea ruta Evangeli ho matšoele, ba bua le bona ka lipuo tsa bona, “ba-Kreta, le ba Arabia, kaofela ha rōna re ba utloa joang ba bolela limakatso tsa Molimo ka puo tsa rōna!” (Liketso 2:11). Lentsoe la se-Gerike le fetoletsoeng ho “maleme” le bolela “lipuo.” Kahoo, neo ea maleme ke ho bua ka puo eo motho ea buang a sa e tsebeng e le hore a rute ea utloang puo eo. Ho I Ba-Korinthe ho tloha ka khaolo ea 12-14, moo Pauluse a buang ka limpho tsa mohlolo, o re, “’Me joale, banab’eso, ha ke be nka tla ho lōna ke bua lipuo, le ne le ka fihlela molemo ofe, ha ke sa bue le lōna ka taba ea tšenolo, leha e le ka ea bohlale, leha e le ka ea boporofeta, leha e le ka ea thuto?” (I Ba-Korinthe 14:6). Ho ea ka Moapostola Pauluse, ‘me a lumellana le kamoo ho hlalositsoeng maleme kateng ho Liketso, ho bua ka maleme ho molemo ho ea utloang molaetsa oa Molimo ka puo ea hae, empa ha ho bohlokoa ho batho ba bang – ntle le ha a ka fetoleloa puong ea batho ba bang.

Motho ea nang le neo ea ho fetola maleme (I Ba-Korinthe 12:30) a ka utloisisa seo ea neng a bua ka maleme a neng a se bolela leha a ne a sa tsebe puo eo e neng e buua. Ea nang le neo ea ho fetola o tla bolella batho ba bang, e le hore bohle ba utloe. “Ka baka leo, ke re: Ea buang ka puo a rapele hore a tsebe ho fetola” (I Ba-Korinthe 14:13). Qeto ea Pauluse malebana le maleme a sa fetoloang e matla, “Empa kerekeng nka rata ho bolela mantsoe a le mahlano feela ka kelello, ke tle ke rute ba bang le bona, ho fetisa mantsoe a likete tse leshome ka puo” (I Ba-Korinthe 14:19).

Na neo ea maleme ke ntho ea mehleng ea kajeno? I Ba-Korinthe 13:8 e bolela ha neo ea maleme e fela, leha e kopanya ho fela hona le ho fihla ha “phetheho” ho I Ba-Korinthe 13:10. Ba bang ba supa hore phapano ea puo ka boporofeta le tsebo tse “felang” le maleme “ha a fela,” e le bopaki ba hore maleme a fela pele ho ho fihla ha “phetheho.” Leha e ka ba ho joalo, sena ha se bonahale ka ho hlaka serapeng sena. Ba bang ba bua ka litemana tse kang Esaia 28:11 le Joele 2:28-29 e le bopaki ba hore ho bua ka malemo e ne e le pontšo ea ho tla ha kahlolo ea Molimo. I Ba-Korinthe 14:22 e hlalosa maleme e le “pontšo ho ba sa lumelang.” Ho ea ka litaba tsena, neo ea maleme e ne e le tlhokomeliso ho ba-Juda ea hore Molimo o ne a ilo ahlola Iseraele hobane ba ile ba se ke ba nka Jesu joalo ka Mesia. Kahoo, ha Molimo a ahlola bana ba Iseraele (ka hore ba-Roma ba senye Jerusalema ka A.D. 70), neo ea maleme e ne e se e sena ho phetha morero oo e neng e o reretsoe. Leha e ka ba maikutlo ana a nepahetse, ha ho bolele hore kaha morero oa mantlha oa ho bua ka maleme o phethahetse, joale neo ea maleme e tlamehile ho fela. Evangeli ha e re neo ea ho bua ka maleme e felile.

Leha ho le joalo, haeba neo ea ho bua ka maleme e ne e ka ba teng kerekeng kajeno, e ne e tla be e etsoa ka tumellano le Lentsoe. E ne e tla be e le puo e utloahalang (I Ba-Korinthe 14:10). E tla be e le molemong oa ho bua Lentsoe la Molimo le motho oa puo e ‘ngoe (Liketso 2:6-12). E ne e tla be e le ho lumellana le taelo eo Molimo a faneng ka eona ka Moapostola Pauluse, “’Me ekare ha e mong a bua ka puo, ho etsoe joalo ke ba babeli, boholo e be ba bararo, ‘me ho etsoe ka ho latelana; ‘me e mong a fetole. Ekare ha mofetoli a le sieo, motho eo a ikhutsetse kerekeng, a ipuele a ‘notši, a bue le Molimo” (I Ba-Korinthe 14:27-28). E tla be e le ka ho ikokobelletsa I Ba-Korinthe 14:33, “Hobane Molimo ha se Molimo oa mofere-fere, empa e le oa khotso, joalo ka ha ho bonoa likerekeng tsohle tsa bahalaleli.”

Molimo a fa motho neo ea ho bua ka maleme e le hore a tle a khone ho bua le motho ea buang puo e ‘ngoe. Moea o Halalelang o aba kamoo a ratang kateng lineo tsa moea (I Ba-Korinthe 12:11). A ko nahane hore na baruruoa ba ka be ba le matla hakae ha e ne e le hore ha ba ka ba ea sekolong sa puo, e be hang ba ne ba ka khona ho bua le batho ka puo ea bona. Leha ho le joalo, ha ho bonahale e ka Molimo o etsa joalo. Ho bua ka maleme ha ho bonahale ho etsahala joalo ka ha ho ne ho etsahala Testamenteng e Ncha leha ho bonahala e ka ho ne ho tla sebetsa haholo. Bongata ba balumeli bo reng bo buoa ka maleme ha bo etse joalo ka tumellano le Lentsoe le boletsoeng ka holimo. Lintlha tsena li lebisa qetong ea hore neo ea ho bua ka maleme e felile, kapa hore ea fokola morerong oa Molimo ka kereke kajeno.

Ba lumelang neo ea ho bua ka maleme e le “puo ea ho rapela” molemong oa ho ikhahisa, ba fumana seo ho tsoa ho I Ba-Korinthe 14:4 le / kapa 14:28, “Ea buang ka puo o ikhahisa a ‘notši, empa ea porofetang o hahisa kereke.” Khaolong ea 14 kaofela, Pauluse o tiisa taba ea hore maleme a fetoloe, sheba 14:5-12. Seo Pauluse a se bolelang temaneng ea 4 ke hore, “Ha u bua ka maleme ho se na mofetoli, ha u etse letho ntle le ho ikhahisa, u iketsa e ka u halalela ho feta ba bang. Ha u bua ka maleme ‘me ho na le ea fetolang, u haisa bohle.” Ha ho moo Testamente e Ncha e fanang ka taelo ea ho “rapela ka maleme.” Ha ho moo Testamente e Ncha e fanang ka sepheo sa ho “rapela ka maleme,” kapa e buang ka motho ea “rapelang ka maleme.” Ho feta mona, haeba ho “rapela ka maleme” e le sebakeng sa ho ikhahisa, na seo e ka be e se leeme ho ba se nang lineo tsa ho bua ka maleme ‘me ba sitoa ho ikhahisa? I Ba-Korinthe 12:29-30 e hlalosa ka mokhoa o hlakileng hore ha se bohle ba nang le lineo tsa ho bua ka maleme.


Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Neo ea ho bua ka maleme ke eng? Na neo ea ho bua ka maleme ke ntho ea mehleng ea joale?