settings icon
share icon
Pōtso

Na ha motho a ile a pholosoa o lula a pholohile?

Karabo


Na ha motho a ile a pholosoa ho bolela hore o se a lutse a pholositsoe? Ha batho ba tseba Kreste joalo ka Mopholosi, ba tlisoa likamanong le Molimo ‘me sena se fana ka tiisetso ea polokeho ea pholoho ea bona ka ho sa feleng. Liratsoana tse ngata tsa Lentsoe la Molimo li bolela taba ena. (a) Ba-Roma 8:30 e bolela hore, “’Me bao o ba reretseng pele, o bile o ba bitsitse; ‘me bao o ba bitsitseng, o bile o ba beile ba lokileng; ‘me bao o ba beileng ba lokileng, o bile o ba tlotsitse.” Temana ena e re bolella hore ho tloha nakong eo Molimo a ikhethelang rōna, ekare re tlotlisoa pontšeng ea Hae leholimong. Ha ho na se ka thibelang molumeli ho ka tlotlisoa hobane Molimo o se a rerile joalo leholimong. Hang ha motho a se a beiloe ea lokileng, pholoho ea hae e tiisitsoe – o tšireletsehile joalo kaha e ka o se a le leholimong.

(b) Pauluse o botsa lipōtso tse peli tse matla ho Ba-Roma 8:33-34 “Bao Molimo o ikhethetseng bona, ke mang ea tla ba bea molato na? Molimo ke oona o ba beang ba lokileng! Ea tla ba tsoa ke mang? Kreste ke eena ea shoeleng, a bileng a tsoha, hape ke eena ea leng ka letsohong le letona la Molimo, hape-hape e sa le eena ea re rapellang.” Ke mang ea tla bea molato holim’a bakhethoa ba Molimo? Ha a eo, hobane Kreste ke ‘Muelli oa rōna. Ke mang ea tla re tsoa? Ha a eo, hobane Kreste, eena ea re shoetseng, ke eena ea neng a ka re tsoa empa a ka se ke. Re na le ‘Muelli le Moahloli joalo ka Mopholosi oa rōna.

(c) Balumeli ba tsoetsoe la bobeli (ba nchafalitsoe) nakong eo ba lumelang (Johanne 3:3; Tite 3:5). E le hore molumeli a lahleheloe ke pholoho ho tla tlameha hore ho senngoe ho nchafatsoa ha hae. Bebele ha e fane ka bopaki ba hore ho tsoaloa ho hocha ho ka tlosoa. (d) Moea o halalelang o ahile ka hare ho bohle ba lumelang (Johanne 14:17; Ba-Roma 8:9) ’me o kolobetsa bohle ba lumelang hore e be ‘Mele oa Kreste (1 Ba-Korinthe 12:13). Hore molumeli a se hlole a ba pholohong, e ka khona Moea o Halalelang a se ahe ka ho eena ‘me a arohanngoe le ‘Mele oa Kreste.

(e) Johanne 3:15 e bolela hore mang le mang ea lumelang ho Jesu Kreste o tla ba le “bophelo bo sa feleng.” Haeba o lumela ho Kreste kajeno ‘me o fumana bophelo bo sa feleng, empa o lahleheloa ke bona kamoso, hona ho bolela hore e ne e se bophelo “bo sa feleng” ho hang. Ka hona haeba o lahleheloa ke pholoho ea hao, litsepiso tsa bophelo bo sa feleng tse ka Bebeleng e ne e tla ba ke phoso. (f) E le ho ka phethela bopaki, ke lumela hore lentsoe la Molimo le e hlalosa hantle, “Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna” (Ba-Roma 8:38-39). Hopola hore Molimo ea o pholositseng ke Molimo ea tla o boloka. Hang ho ba re pholosoe re tla lula re pholositsoe. Pholoho ea rōna e bolokehile ka ho sa feleng.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na ha motho a ile a pholosoa o lula a pholohile?
© Copyright Got Questions Ministries