settings icon
share icon
Pōtso

Thapelo ea Moetsalibe ke eng?

Karabo


Thapelo ea moetsalibe ke thapelo eo motho a e rapelang ho Molimo ha a utloisisa hore ke moetsalibe ‘me o hloka mopholosi. Ho rapela thapelo ea moetsalibe feela, ho ka se fetole letho la maemo. E sebetsa feela ha eba e boleloa ka tieo seo motho a se tsebang, a se utloisisang a bile a se lumela ka boetsalibe ba hae, le ka hore o hloka pholoho.

Ntlha ea pele ea thapelo ea moetsalibe, ke ho utloisisa hore bohle re baetsalibe. Ba-Roma 3:10 e phatlalatsa, “Joalo ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ha ho ea lokileng, leha a le mong” Bebele e re hlakisetsa hore bohle re sitiloe. Bohle re baetsalibe, re hloka mohau le tšoarelo ea Molimo (Tite 3:5-7). Ka lebaka la sebe sa rōna re lokeloa ke kahlolo e sa feleng (Mattheu 25:46). Thapelo ea moetsalibe ke kōpo ea mohau ho fapana le kahlolo. Ke kōpo ea mosa ho fapana le khalefo.

Ntlha ea bobeli ea thapelo ea moetsalibe ke ho tseba hore na Molimo o entse eng ho phekola tahleho ea rōna le maemo a rōna a sebe. Molimo o ile a nka sebopeho sa nama ea e ba motho ka sebopeho sa Jesu Kreste (Johanne 1:1,14). Jesu o re rutile ‘nete ka Molimo a ba a phela bophelo bo lokileng bo se nang sebe (Johanne 8:46; II Ba-Korinthe 5:21). Jesu a nto shoa sefapanong sebakeng sa rōna, a re nkele kotlo e neng e re lokela (Ba-Roma 5:8). Jesu o ile a tsoha bafung ho pakahatsa tlhōlo ea hae holim’a sebe, lefu le lihele (Ba-Kolose 2:15; II Ba-Korinthe 15). Ka lebaka la tsena tsohle, re ka fumana libe tsohle tsa rōna li tšoaretsoe ‘me ra tšepisoa bophelo bo sa feleng leholimong – ha re ka beha tumelo ea rōna ho Jesu Kreste. Seo re lokelang ho se etsa feela ke ho lumela hore o shoele sebakeng sa rōna ‘me a tsoha bafung (Ba-Roma 10:9-10). Re ka pholosoa ke mohau feela, ka tumelo feela, ka Jesu Kreste feela. Ba-Efese 2:8, e phatlalatsa, “Hobane le bolokehile ke mohau, ke tumelo; ha ho tsoe ho lōna, ke mpho ea Molimo.”

Ho etsa thapelo ea moetsalibe ke tsela feela ea ho phatlalatsa ho Molimo hore o tsepile Jesu Kreste e le mphlolosi oa hao. Ha ho na mantsoe a “mohlolo” a ka qetellang a re pholositse. Ke feela tumelo ho lefu la Jesu, le ho tsoho ea hae bafung, re ka pholosoang. Haeba u utloisisa hore u moetsalibe, ‘me u hloka pholoho ka Jesu Kreste, u ka rapela thapelo ena: “Molimo, kea tseba hore ke moetsalibe. Kea tseba hore ke lokeloa ke moputso oa sebe sa ka. Le ha ho le joalo ke tšepa Jesu Kreste e le Mopholosi oa ka. Kea lumela hore lefu le ho tsoha ha hae ho fane ka tšoarelo ho ‘na. Ke tšepa Jesu, Jesu feela e le Morena le Mopholosi oa ka. Kea leboha Morena, ha u mpholositse ‘me u ntšoaretse! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Thapelo ea Moetsalibe ke eng?
© Copyright Got Questions Ministries