settings icon
share icon
Pōtso

Nka hlōla sebe joang bophelong ba ka ba Bokreste?

Karabo


Bebele e re bolella ka limpho tseo re nang le tsona bakeng sa ho hlōla boetsalibe ba rōna:

(1) Moea o Halalelang – Mpho e ‘ngoe eo Molimo a re (re le kereke ea Hae) fileng eona e le hore re be bahlōli bophelong ba Bokreste ke Moea o Halalelang. Molimo o arola liketso tsa nama le litholoana tsa Moea ho Ba-Galata 5:16-25. Seratsoaneng seo, re bilelitsoe ho tsamaea ka Moea. Balumeli bohle ba se ba na le Moea o Halalelang, empa seratsoana sena se re joetsa hore re hloka ho tsamaea ka Moea, re lumele ho laoloa ke Eena. Hona ho bolela ho khetha ho mamela Moea o Halalelang re sa ee ka nama.

Phetoho eo Moea o Halalelang a ka e etseng bophelong ba molumeli e bonahetse bophelong ba Petrose, eo pele a tlala ka Moea o Halalelang a ileng a latola Jesu ka makhetlo a mararo, le ha a ne a itse o tla sala Jesu morao ho fihlela lefung. Kamora ho tlala ka Moea o Halalelang, a bua phatlalatsa ‘me ka matla ho Ba-Juda letsatsing la Pentekonta ka Mopholosi.

Motho o laoloa ke Moea o Halalelang ha a leka ho se iphapanyetse liqholotso tsa Moea o Halalelang (“le se ke la tima Moea” joalo kaha ho boleloa ho I Ba-Thesalonika 5:19) ‘me a batla ho tlatsoa ka Moea (Ba-Efese 5:18-21). Motho a ka tlatsoa ka Moea o Halalelang joang? Pele ho tsohle, ke ka khetho ea Molimo joalo kaha ho bile Testamenteng ea Khale. O ile a khetha batho le liketsahalo tse itseng, Testamenteng ea Khale, ho tlatsa ka Moea o Halalelang batho bao a ba khethetseng ho etsa mosebetsi oo a neng a batla hore o etsoe (Genese 41:38; Exoda 31:3; Numere 24:2; I Samuele 10:10; le tse ling). Ke lumela hore ho na le bopaki ho Ba-Efese 5:18-21 le ho Ba-Kolose 3:16 ba hore Molimo o khetha ho tlatsa ba itlatsang ka Lentsoe la Molimo joalo kaha taba ena e pakahatsoa ke taba ea hore litholoana tsa ho itlatsa ho hong le ho hong litemaneng tseo li tšoana. Sena se re fetisetsa mphong e latelang.

(2) Lentsoe la Molimo, Bebele – II Timothea 3:16-17 e re Molimo o re file Lentsoe la Hae e le ho re hlahlella sebakeng sa mosebetsi o motle ‘ohle. E re ruta ho phela le hore re lumele eng, ea re bontša ha re khethile ho nka litsela tse fosahetseng, e re thusa ho khutlela tseleng e lokileng, ‘me e re thusa ho lula le ho tsepama tseleng eo e lokileng. Joalo kaha Ba-Heberu 4:12 e bolela, lea phela ‘me le matla ‘me le khona ho fihlela lipelong ‘me le ntše ka metso bothata boneng bo ke ke ba hlōloa ke motho. Mopesaleme o bua ka matla a lona a ho fetola motho Pesalemeng ea 119:9,11,105, le litemaneng tse ling. Joshua o ne a joetsoe hore senotlolo sa katleho ea hae ho hlōleng lira tsa hae (se tšoanang le ntoa ea rōna ea moea) ke ho se lebale mpho ena empa a lule a nahanisisa ka eona bosiu le motšehare e le hore a tle a khone ho e sebelisa. O ile a etsa joalo feela, le nakong eo litaelo tsa Molimo li neng li sa fane ka moelelo kelellong ea hae, ‘me sena e bile senotlolo tlhōlong ea hae lintoeng ho ea lefatšeng la pallo.

Mpho ena ke eo re e nkang ha nyane. Hoo re ho etsang feela ke ho nka Libebele tsa rōna re ee kerekeng kapa ho li bala ka nako ea ho rapela kapa ho bala khaolo e le ‘ngoe ka letsatsi, feela ha re atlehe ho le kenya likelellong le lipelong tsa rōna, re le nahanisise, re ntse re batla monyetla oa ho le sebelisa maphelong a rōna, re bolela libe tseo le li khalemang, re tlotlisa Molimo ka limpho tseo a re fileng tsona tseo le li sibollang. Hangata re lahleheloa ke tjantjello ea ho bala Bebele kapa re iphumane re e bala haholo hoo re qetellang re sa iphe monyetla oa ho ka nahanisisa ka seo re se balileng. Re nka feela ho lekaneng ho re boloka re ntse re phela moeeng ka ho ja Lentsoe feela nakong eo re eang kerekeng (empa ha re je ho lekana hore re phele hantle, re be Bakreste ba sehlahlo) kapa re ja hangata empa re sa nahane ka lona nako e telele ho lekana hore re fumane matla ho tsoa ho lona.

Ho molemo hore haeba ha ua itloaetsa ho ithuta Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi ka mokhoa o nang le moelelo, ‘me u kenya kelellong ea hao litemana tseo Moea o Halalelang a li behileng pelong ea hao, qala ho itloaetsa ho etsa joalo. Ke u khothalletsa ho iketsetsa pokello ea litemana. E ba le tloaelo ea ho se tlohelle lentsoe ho fihlela u ngotse seo u se fumaneng ho lona. Ke na le ho boloka lithapelo tseo ke kōpang Molimo ho nthusa ho fetoha linthong tseo a mpontšitseng tsona. Bebele ke mpho eo Moea o Halalelang a e sebelisang maphelong a rōna (Ba-Efese 6:17), mpho ea bohlokoa limphong tseo Molimo a re fileng tsona ho loana lintoa tsa rōna tsa moea (Ba-Efese 6:12-18)!

(3) Thapelo – Ena ke mpho e ‘ngoe eo Molimo a re fileng eona. Hape, ke mpho eo hangata Bakreste ba sa e sebeliseng hantle. Re na le likopano tsa ho rapela, linako tsa ho rapela, le tse ling, empa ha li re tsoele molemo o kang oa mehleng ea kereke ea pele (Liketso 3:1; 4:31; 6:4; 13:1-3, le tse ling). Pauluse o boletse hangata kamoo a rapelletseng bao a ba rutang. Rōna ha re etse joalo ha re le bang, ha re sebelise mpho ena e matla eo Molimo a re fileng eona. Empa Molimo o re file litšepiso tse hlollang malebana le thapelo (Mattheu 7:7-11; Luka 18:1-8; Johanne 6:23-27; I Johanne 5:14-15, le tse ling). Hape, Pauluse o e kenyelletsa molaetseng oa hae o holim’a ho itukisetsa ho loana ntoa ea moea (Ba-Efese 6:18)!

Ho bohlokoa hakae? Ha u boela u sheba Petrose, u ba le mantsoe a Kreste ho eena nĝalong ea Gethesemane pele Petrose a itatola. Ke moo, ha Jesu a ntse a rapela, Petrose eena a robetseng. Jesu oa mo tsosa o re, “Falimehang, le rapele hore le se kene molekong; hobane moea o mafolo-folo, empa nama eona ea fokola” (Mattheu 26:41). Uena joalo ka Petrose, u batla ho etsa se lokileng empa ha o fumane matla. Re tšoanetse ho ela hloko tlhokomeliso ea Molimo ea hore re lule re batla, re lule re kokota, re lule re kōpa…’me O tla re fa matla ao re a hlokang (Mattheu 7:7f.). Empa re tšoanetse ho sebelisa mpho ena ka matla a maholo haholo.

Ha ke re thapelo ke masela-mose. Ha se oona. Molimo o motle. Thapelo ke feela ho elelloa mefokolo ea rōna le matla a Molimo a maholo ‘me re fetohela ho eena ho ka fumana matla ao e le ho etsa seo A batlang hore re se etse (e seng seo RE batlang ho se etsa) (I Johanne 5:14-15).

(4) Kereke – Mpho ena ea ho qetela ke e ‘ngoe eo re sa e tsotelleng. Ha Jesu a romella barutuoa ba hae kantle, O ba romelletse ka bobeli (Mattheu 10:1). Ha re bala ka maeto a barutuoa ho Liketso, re ithuta hore ha ba ka ba tsoa ka bonngoe empa, ka lihlotšoana tse bopiloeng ka batho ba babeli. Jesu o itse moo ba babeli kapa ba bararo, ba phuthehileng teng ka lebitso la hae, o teng har’a bona (Mattheu 18:20). O re laela ho se ngale liphutheho tsa rōna, kamoo e leng mokhoa oa ba bang kateng, re mpe re khothatsaneng (Ba-Heberu 10:24-25). O re bolella hore re bolellane litšito tsa rōna (Jakobo 5:16). Ka bohlale bo holimo ba melaetsa ea Testamente ea Khale, re bolelloa hore joalo kaha tšepe e leotsa tšepe, sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae (Liproverbia 27:17) “le lona leqhoele le meloho e meraro ha le phakise ho khaoha.” Letšoele le beta poho (Moeklesia 4:11-12).

Ba bang ba batho bao ke ba tsebang ba fumane metsoalle ea bakreste ka fono ‘me ba qoqa ka bophelo ba Bokreste, kamoo ba sokotseng kateng, le tse ling ‘me ba rapellane ba be ba lumellana ka ho etsa ka Lentsoe la Molimo likamanong tsa bona, le tse ling.

Ka nako e ‘ngoe liphetoho li tla kapele. Ka nako e ‘ngoe likarolong tse ling li tla butle. Empa Molimo o re tšepisitse hore ha feela re sebelisa limpho tsa Hae, O TLA tlisa phetoho maphelong a rōna. Tsitlella u ntse u tseba hore O phethisa litšepiso tsa Hae!

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Nka hlōla sebe joang bophelong ba ka ba Bokreste?
© Copyright Got Questions Ministries