settings icon
share icon
Pōtso

Ke tumelo e feng e nepahetseng sebakang sa ka?

Karabo


Lijo tsa matlong a ho jela li re hohela hore re be re li reke kaha ho lumelleha hore re li fumane ho latela hore na re li hloka li le joang. A mang a matlo a thekiso ea kofi a ithorisa ka ho ba le litatso tse fapaneng tse lekhōlō, le mekhoa e mengata ea ho etsa kofi. Le ha re reka matlo kapa makoloi, re sheba e nang le makhabane a mangata ao re a ratang. Ha re sa phela lefatšeng la khetho e fokolang. Khetho ke morena! U batla u ka fumana sohle seo u se batlang, ho latela litakatso le litlhoko tsa hao.

Ho joang ka tumelo e nepahetseng sebakeng sa hao? Ho joang ka tumelo e se nang liphoso, e se nang litlhoko, e bile e se na melaoana e mengata e reng etsa hona, se etse hoane? E teng ka ntle mane joalo ka ha ke e hlalositse, feela na tumelo ke ntho e tšoanetseng ho khethoa joalo ka tatso ea senomapholi.

Ho na le mantsoe a mangata a lakatsang ha re ka a ela hloko. Hobaneng re tšoanela ho nka Jesu a le kaholimo ho Muhammad kapa Confucius, Buddha, kapa Charles Taze Russell, kapa Joseph Smith? A ke re litsela tsohle li lebisa leholimong? Na litumelo tsohle li ntse li se na metheo e batlang e tšoana? ’Nete ke hore ha se litumelo tsohle tse isang leholimong, joalo kaha litsela li sa lebise nqa e le ‘ngoe tsohle.

Ke Jesu feela ea buang ka boemo le matla a Molimo kaha e le eena feela ea ileng a hlōla lefu. Muhammad, Conucius, le ba bang, ba bolile ka mabitleng a bona le hona joale, empa Jesu, ka matla a hae, O tlohile lebitleng matsatsi a mararo kamora ho shoa ha hae sefapanong se sehlōhō sa Ba-Roma. Motho ea nang le matla holim’a lefu o lekeloa ke ho eloa hloko. Ea nang le matla holim’a lefu o lokeloa ke ho utluoa.

Bopaki bo tšehetsang ho tsoha ha Jesu bo’a hlolla. Ntlha ea pele, ho bile le batho ba ka holimo ho makhōlō a mahlano ba boneng Jesu ha a nyolohela leholimong! Hona ke bopaki bo bongata haholo. Ho ka se etsahale hore mantsoe a makhōlō a mahlano e be ha a eloe hloko. Hape ho na le taba ea lebitla le neng le se na letho; lira tsa Jesu li ka be li ile tsa hlahisa setōpō sa Jesu, se bolileng, e le ho thibela puo ea ho tsoha ha hae, empa ho ne ho se na setōpō seo ba neng ba ka se hlahisa! Lebitla le ne le se na letho! Na barutuoa ba ne ba utsuitse setōpō? Le khale. E le ho ka thibela ketso e joalo, lebitla le ne le lebetsoe ka thata ke masole a hlometseng. Ha re hlokomela hore bohle ba neng ba le haufi le eena ba ne ba balehile, ba tšositsoe ke ho tšoaroa le ho thakhisoa ha hae, re ithuta hore sehlotšoana sena sa batšoasi ba lihlapi, se neng se tšohile tjena, se ne se sena ho tobana le masole a na a koetlileng. ‘Nete ke hore ho tsoha ha Jesu ho ka se hanyetsoe!

Hape, ea nang le matla holim’a lefu o lokeloa ke ho utluoa. Jesu o netefalitse matla a hae holim’a lefu, kahoo, re lokela ho utloa seo a se buang. Jesu o bolela ha e le eena feela tsela ho ea pholohong (Johanne 14:6). Ha se tsela; Ha se e ‘ngoe ea litsela tse ngata, empa Jesu ke eena tsela.

Hape eena Jesu eo o re, “Tloong ho ‘na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ‘me ke tla le imolla!” (Mattheu 11:28). Lena ke lefatše le thata ‘me le bophelo bo thata. Bongata ba rōna re mali, re lipha, le maqeba a ntoa. U’a lumela? Joale u batla eng? Poelano kapa tumelonyana feela? Mopholosi ea phelang kapa e mong oa ba bangata ba “baporofeta” ba shoeleng? Likamano tse nang le moelelo kapa meketjana e se nang thuso? Jesu ha se khetho feela – ke khetho ea mantlha!

Jesu ke “tumelo” e nepahetseng ha eba u hloka tšoarelo (Liketso 10:43). Jesu ke “tumelo” e nepahetseng ha eba u hloka likamano tse nang le moelelo (Johanne 10:10). Jesu ke “tumelo” e nepahetseng ha eba u hloka lehae le sa feleng leholimong (Johanne 3:16). Beha tumelo ea hao ho Jesu Kreste e le Mopholosi oa hao – U ka se ikoahlahe! Mo tšepe sebakeng sa ho u tšoarela libe tsa hao – u ka se utloe bohlōkō.

Ha eba u batla ho ba le “kamano e nepahetseng” le Molimo, mohlala oa thapelo eo u ka e rapelang ke ona. Hopola, hore ho rapela thapelo ena kapa e ‘ngoe feela ho ka se u pholose. Ke feela ha u tšepa Kreste u ka pholohang sebeng. Ho bolela thapelo ena ke mokhoa oa ho phatlalatsa ho Molimo hore u’a mo tšepa ‘me u itšetlehile ka Jesu Kreste sebakeng sa pholoho ea hao. “Molimo, kea tseba hore ke entse sebe khahlanong le uena ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena, ke tle ke tšoareloe. Ke tlohella libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena sebakeng sa pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ke tumelo e feng e nepahetseng sebakang sa ka?
© Copyright Got Questions Ministries