Pōtso
Bebele e re eng ka ho noa tai / veine? Na ke sebe ha Mokreste a noa tai / veine?
Karabo
Lentsoe le na le litlhokomeliso tse ngata malebana le ho noa tai (Levitike 10:9; Numere 6:3; Deuteronoma 29:6; Baahloli 13:4, 7, 14; I Samuele 1:15; Liproverbia 20:1; 31:4, 6; Esaia 5:11, 22; 24:9; 28:7; 29:9; 56:12; Mikea 2:11; Luka 1:15). Leha ho le joalo, lentsoe ha le re Mokreste a se noe biri, veine, kapa seno se fe kapa se fe se nang le tai ho hang. Ntho e etsahalang ke hore, litemana tse ling li bua tai hantle. Moeklesia 9:7 e re laela ho “noa veine ka pelo e nyakaletseng.” Pesaleme ea 104:14-15 e re bolella hore Molimo o re fa veine “e thabisang pelo ea motho.” Amose 9:14 e bua ka ho noa veine e tsoang serapeng sa hao e le pontšo ea Mahlohonolo a Molimo. Esaia 55:1 ea re khothatsa e re, “Tloong’ le ikhekele veine le lebese….”
Seo Molimo a se laelang Bakreste, ka tai, ke ho se taoe (Ba-Efese 5:18). Bebele e nyatsa botaoa le liketso tsa bona (Liproverbia 23:29-35). Bakreste ba boetse ba laeloa ho se lumelle ‘mele ea bona hore e “laoloe” ke ntho e ‘ngoe (I Ba-Korinthe 6:12; II Petrose 2:19). Ho noa tai haholo, ho etsa ea e noang lekhoba la eona. Ha ho khanyetso moo. Lentsoe le boetse le hanela Mokreste ho etsa ntho e ka tšoanang e hobosa Bakreste ba bang kapa ea ba khothalletsa ho etsa sebe ntle le boikhethelo ba bona (I Ba-Korinthe 8:9-13). Ho latela melao ena, ho tla ba thata ho Mokreste ho re o noa tai tlotlisong ea Molimo (I Ba-Korinthe 10:31).
Jesu o ile a fetola metsi veine. Ho bonahala e ka Jesu o ile a ba a noa veine moketeng oo (Johanne 2:1-11; Mattheu 26:29). Nakong ea Testamente e Ncha metsi a ne a sa hloeka haholo. Ka baka la tlhokahalo ea ho a hloekisa, metsi a ne a ena le likokoana-mahlōkō tsa mafu le litšila tse ling. Ho ntse ho le joalo linaheng tse sa tsoelang-pele le kajeno. Ka lebaka leo, batho ba ne ba noa veine (kapa lero la morara) kaha li ne li se na litšila. Ka ho I Timothea 5:23, Pauluse o ne a lae Timothea ho tlohella ho noa metsi (ao ka mohlomong a neng a mo tlisetsa mathata a mala) ‘me a noe veine. Nakong eo veine e ne e riteloa (e na le tai), empa e seng joalo ka ea matsatsing a joale. Ho ka fosahala ho re e ne e le lero la morara, le teng ho ka fosahala ho re e ne e tšoana le veine e sebelisoang matsatsing a joale. Hape, Lentsoe le re Bakreste ba se noe seno se nang le tai ho hang. Tai ka boeona, ha se sebe. Ke botaoa le bokhoba ba tai tseo Mokreste a tšoanetseng ho ba thōko le tsona (Ba-Efese 5:18; I Ba-Korinthe 6:12).
Tai e noeloeng hanyane, ha e kotsi kapa hona ho etsa motho lekhoba la eona. Tse ling tsa lingaka, li khothalletsa batho ho noa veine e khubelu hanyane ka lebaka la melemo ea eona ea bophelo, haholo sebakeng sa pelo. Mokreste o bolokolohing ba ho noa veine hanyane. Botaoa le bokhoba ba tai ke libe. Leha ho le joalo, ho latela kamoo Bebele e leng tsietsing kateng ka tai le liketso tsa eona, ho latela bonolo boo e ka qetellang e nooe ho feta tekanyo ka bona, le ho latela hore ho ka etsahala hore e tlise likhopiso le / kapa ho oa hoa ba bang – ho bohlokoa ho Mokreste ho se noe tai ho hang.
English
Bebele e re eng ka ho noa tai / veine? Na ke sebe ha Mokreste a noa tai / veine?