settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka ho ntša boshome ha Mokreste?

Karabo


Boshome ke taba eo Bakreste ba bangata ba nang le bothata ka eona. Likerekeng tse ngata ho tiisoa taba ea ho ntša boshome ho feta tekanyo. Leha ho le joalo, Bakreste ba bangata ba hana ho amohela thibelo ea Bebele ea hore ho tlohelloe ho ntša likabelo ho Morena. Boshome / ho fana ho reretsoe hore e be thabo, tlhohonolofatso. Ka bomali-mabe, ha se se etsahalang kerekeng matsatsing ana.

Boshome ke taba ea Testamente ea Khale. Boshome e ne e le tlhoko ea molao moo bana ba Iseraele bohle ba neng ba tšoanetse ho fana ka 10% ea tsohle tseo ba li fumaneng ‘me ba li ise Tenteng ea pokano / ntlong ea thapelo (Livitike 27:30; Numere 18:26; Deuteronoma 14:24; II Likronike 31:5). Ba bang ba utloisisa boshome ba Testamente ea Khale e le mokhoa oa ho lefa lekhetho e le ho ka thusa baruti le ba-Levi bakeng la boitelo ba bona. Ha ho moo Testamente e Ncha e re laelang, kapa hona ho khothaletsa hore Bakreste ba ntše boshome ka mokhoa ona o tlamang. Pauluse o re balumeli ba beelle ka thōko karolo ea se ba se fumanang e le hore batle ba tšehetse kereke (I Ba-Korinthe 16:1-2).

Ha ho moo Testamente e Ncha e bolelang hore karolo eo ea boshome e be kae, empa e re feela e tšoanetse ho ba ka ho “lekanye ka see a sitsitsoeng ka sona” (I Ba-Korinthe 16:2). Kereke ea bokreste e nkile 10% Testamenteng ea Khale ‘me ea e sebelisa e le karolo eo “bonyane” e ka ntšoang ke Mokreste. Leha e le mona Testamente e Ncha e sa bontše hore na ho ka ntšoa chelete e kae, e bua ka bohlokoa le melemo ea ho fana. Ba tšoanetse ho fana ho latela kamoo ba ka khonang kateng, “a lekanye ka see a sitsitsoeng ka sona.” Ka nako e ‘ngoe sena se bolela hore motho a ka fana ho feta boshome, ka nako e ‘ngoe e ka ba ka tlaase ho boshome. Ho ka laoloa ke bokhoni ba ea fanang le litlhoko tsa kereke. Mokreste e mong le e mong o tšoanetse ho rapela ‘me a batle bohlale ba Molimo hore na a ka ntša boshome le / kapa hore na a ntše hakae (Jakobo 1:5). “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile” (II Ba-Korinthe 9-7).

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka ho ntša boshome ha Mokreste?
© Copyright Got Questions Ministries