settings icon
share icon
Pōtso

Ho etsahala eng kamora lefu?

Karabo


Pōtso ea hore na ho etsahala eng kamora lefu e ka ferekanya. Bebele ha e hlakise hore na batho ba tla fihla bophelong bo sa feleng neng. Bebele e re bolella hore kamora ho shoa, motho o nkeloa leholimong kapa liheleng ho latela hore na o amohetse Kreste e le Mopholosi oa hae kapa che. Bakeng sa balumeli, kamora lefu, ho bolela ho ba sieo ‘meleng ‘me u ba le Morena (II Ba-Korinthe 5:6-8; Ba-Filipi 1:23). Bakeng sa ba sa lumelang, kamora lefu, ho bolela kotlo e sa feleng Liheleng (Luka 16:22-23).

Ke mona moo ho ka ferekanyang hore na ho etsahala eng kamora lefu. Tšenolo 20:11-15 e hlalosa bohle ba Liheleng ba lahleloa letšeng la mollo. Kahoo, ho bonahala e ka ho fihlela tsoho ea ho qetela, kamora lefu motho o lula Leholimong kapa Liheleng tsa “nakoana”. Hore na motho o ea hokae bakeng sa bophelo bo sa feleng ho ka se fetohe. Ho na le nako eo kamora lefu, ba lumetseng ba tlang ho isoa Leholimong le Lecha le Lefatšeng le Lecha (Tšenolo 21:1). Ho na le nako eo kamora lefu, ba sa lumelang ba tlang ho lahleloa letšeng la mollo (Tšenolo 20:11-15). Tsena ke libaka tsa ho qetela moo batho bohle ba eang teng – ho latela hore na ba ne ba tšepa Jesu Kreste feela bakeng sa pholoso libeng tsa bona.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Ho etsahala eng kamora lefu?
© Copyright Got Questions Ministries