settings icon
share icon
Pōtso

Mokreste o nka taba ea ho ipolaea joang? Bebele eona e re eng ka ho ipolaea?

Karabo


Ho ea ka Bebele, ho ipolaea kapa ho se ipolae ha se hona ho ka etsang hore motho a tle a kene leholimong. Ha motho ea sa pholosoang a ipolaea, o tla be a “potlakisa” leeto la hae ho ea letšeng la mollo. Le ha ho le joalo, motho ea ipolaileng o tla qetella a le liheleng kaha a lahlile pholoho ka Kreste, e se hobane a ipolaile. Bebele e bua ka batho ba bahlano ba ileng ba ipolaea: Abimeleke (Baahloli 9:54), Saule (I Samuele 31:4), Lehlahana la Saule (I Samuele 31:4-6), Akitofele (II Samuele 17:23), Simri (I Marena 16:18), le Judase (Mattheu 27:5). E mong le e mong oa bona o ne o ne a sa loka, e le moetsalibe (ha hoa bua ho lekana ka lehlahana la Saule hore ho ka etsoa qeto ea hore e ne e le motho ea joang). Ba bang ba nka hore Samsone o ipolaile (Baahloli 16:26-31), empa morero oa Samsone e ne e le ho bolaea ba-Filesta, e seng eena. Bebele e nka ho ipolaea joalo ka ho bolaea motho e mong - ke seo e leng sona – ho ipolaea. E tšoanetse ho ba Molimo ea etsang qeto ea hore motho o shoa neng ‘me ka mokhoa o joang. Ho ea ka Bebele, motho ea etsang sena o ithuela thohako.

Bebele e re eng ka Mokreste ea ipolaeang? Ha ke lumele hore Mokreste ea ipolaeang o tla lahleheloa ke pholoho e be o ea liheleng. Bebele e re ruta hore ho tloha nakong eo motho a lumelang ka tieo ho Kreste, o tšireletsehile ka ho sa feleng (Johanne 3:16). Ho ea ka Bebele, Mokreste a tsebe hore ntle le qeea-qeeo o na le bophelo bo sa feleng, ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng. “Ke le ngoletse taba tseo, lōna ba lumelang lebitso la Mora oa Molimo, hore le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, ‘me le tle le lumele lebitso la Mora oa Molimo” (I Johanne 5:13). Ha ho se ka arohanyang Mokreste le lerato la Molimo! “Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le borena, leha e le mebuso e matla, leha e le ntho tse leng teng joale, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna” (Ba-Roma 8:38-39). Heaba ha ho “ntho e hloliloeng” e ka arohanyang Mokreste le lerato la Molimo, ‘me le Mokreste ea ipolaeang ke “ntho e hloliloeng”, kahoo le ho ipolaea ho ka se mo arohanye le lerato la Molimo. Jesu o shoele sebakeng sa libe tsa rōna…’me ha e ne e ba Mokreste oa ‘nete a ne a ka ipolaea nakong ea ntoa ea Moea – sena e tla ba sebe seo Jesu a shoeleng bakeng sa sona.

Sena ha se bolele hore ho ipolaea ha se sebe se seholo mahlong a Molimo. Ho ea ka Bebele, ho ipolaea ke ho bolaea, ho fosahetse. Nka belaela tumelo ea motho ea ipitsang Mokreste, feela e be oa ipolaea. Ha ho maemo a ka fanang ka tumello ea ho nka bophelo ba hae, haholo ha e le Mokreste. Bakreste ba bilelitsoe ho phela maphelo a bona sebakeng sa Molimo – qeto ea hore na motho o shoa neng ke ea Molimo, Molimo feela. Mohlomong mokhoa o motle oa ho hlalosa ho ipolaea, sebakeng sa Mokreste, o ka ba bukeng ea Esthere. Naheng ea Persia, ho ne ho na le molao o neng o re ha motho a ne a ka tla ho Morena a ne a sa mengoa, o ne a bolaoa ntle leha Morena a ne a ka otlollela molamu oa borena ho motho eo – a bontša mohau. Ho ipolaea sebakeng sa Mokreste e tla be e le ho phunyelletsa feela ho ea fihla ho Morena u sa emele hore a u bitse. O tla otlollela molamu oa hae oa borena ho uena, a boloke bophelo bo sa feleng ba hao, empa ho sa bolele hore o u thabetse. Leha e le mona e sa hlalose ho ipolaea, temana ea Bebele ea I Ba-Korinthe 3:15 e ka ‘na ea e ba tlhaloso e ntle ea hore na ho etsahala eng ka Mokreste ea ipolaeang: “’Me ha e le eena, o tla pholoha, empa ho tla ba joalo ka hoja a fetile har’a mollo.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Mokreste o nka taba ea ho ipolaea joang? Bebele eona e re eng ka ho ipolaea?
© Copyright Got Questions Ministries