settings icon
share icon
Pōtso

Bebele e re eng ka likholumo-lumo? Na ho na le likholumo-lumo ka Bebele?

Karabo


Taba ea likholumo-lumo ka Bebeleng ke karola ea litaba tse ntseng li tšohloa ka nako e telele sechabeng sa Bakreste tsa lilemo tsa lefatše, ho tolokoa ho nepahetseng hoa Genese, le mokhoa oo ho ka hlalosoang bopaki ba lintho tse fumanoang tikolohong ea rōna. Ba lumelang tabeng ea hore lefatše le na le lilemo tse ngata haholo ba lumela hore Bebele ha e bue ka likholumo-lumo, hobane ho latela boithuto ba bona, likholumo-lumo li shoele limilione tsa lilemo pele motho oa pele a ka tsamaea lefatšeng. E ne e ke ke ea ba batho ba ngotseng Bebele ba bone likholumo-lumo li phela.

Ba lumelang hore lefatše le lilemo li nyane, ba lumela hore Bebele e bua ka likholumo-lumo leha e sa sebelise Lentsoe “kholumo-lumo.” E sebelisa lentsoe la se-Heberu tanniyn. Tanniyn e fetoletsoe ka mekhoa e mengata ka Libebeleng tsa rōna tsa Sekhooa; ka nako e ‘ngoe ke “phoofolo e khōlō ea metsing” ha nako e ‘ngoe e le “nōha.” Phetolo e tloaelehileng haholo ke “drakone.” Ekare tanniyn e ne e le mofuta o mong oa sehahabi. Liphoofolo tsena ho bua ka tsona makhetlo a ka bang mashome a mararo Testamenteng ea Khale ‘me li fumanoa ka ntle ho metsi le kahar’a metsi.

Holim’a ho bua ka lihahabi tsena bonyane makhetlo a mashome a mararo ka Testamenteng ea Khale, Bebele e hlalosa liphoofolo tse ‘maloa ka mokhoa oo baithuti ba lumelang hore lingoli li ne li hlalosa likholumo-lumo. Behemothe e boleloa e le e matla ho feta liphoofolo tsohle tsa Molimo, e boholo boo mohatla oa teng o tšoantšoang le sefate sa kedare (Jobo 40:15ff). Ba bang ba baithuti ba lekile ho tšoantša behamothe le tlou kapa kubu. Ba bang ba re litlou le likubu li na le mehatla e mesesanyane, e ke keng ea lekanngoa le sefate sa kedare. Likholumo-lumo tse ling (joalo ka Brachiosaurus le Diplodocus) li na le mehatla e meholo hoo e neng e ka tšoantšoa ha bonolo le sefate sa kedare.

Lichaba tse ngata tsa mehleng ea khale li na le botaki bo bontšang lihahabi tsena tse khōlō. Litšoantšo tse entsoeng majoeng, lintho tse entsoeng kapa li betliloe (lisebelisoa tsa majoe, tse bōpiloeng ka letsopa, likonopo tsa tšepe, lithunya, mabenyane, le tse ling), le lifika tsa batho tse nyane tsa ho lemela lipalesa tse ileng tsa fumanoa ho la North America li tšoana le litšoantšo tsa mehleng ea joale tsa likholumo-lumo. Litšoantšo tse betliloeng majoeng tse fumanoeng ho la South America li bontša batho ba palame liphoofolo tse tšoanang le tse ling tsa likholumo-lumo (Diplodocus) ‘me, taba e makatsang, ke hore li tšoana le litšoantšo tsa tse ling tsa likholumo-lumo (Triceratops, Petrodactyl, le Tyrannosaurs). Mekhabiso ea ba-Roma, lintho tse bōpiloeng ka matsopa tsa Mayan le marako a motse oa Babele li pakahatsa thahasello ea batho ba mehlobo e fapaneng, ba hlahang libakeng tse fapaneng, libopuoeng tsena. Litaba tse hlakileng joalo ka tsa monna oa mohoebi ea ileng a fihla libakeng tse ngata lefatšeng, ea neng a bitsoa Marco Polo, bukeng ea hae e bitsoang II Milione, li nyalana le lipale tse monate tsa litšoantšo tsa liphoofolo tse fumanoang matšoaong a lichelete. Litlaleo tsa mehleng ena tsa litšoantšo li tiisa taba ena leha li sa nkeloe hlohong haholo.

Holim’a bopaki bo bongata haholo ba lipokello tsa litaba tsa khaleng ba hore likholumo-lumo li phetse le batho, ho boetse ho na le bopaki bo bonoang, joalo ka mehato ea batho le ea likholumo-lumo e fumanoang ‘moho libakeng tse ling ho la North America le West-Central Asia.

Na ho na le likholumo-lumo ka Bebeleng? Taba ena e hole le ho fela. E itšetlehile holim’a hore na u utloisisa bopaki bo teng joang, le hore na u bona lefatše le u potileng joang. Mona ho GotQuestions.org re lumela kotloisisong ea lefatše le lenyane ‘me re lumela hore likholumo-lumo li phetse ‘moho le batho ba phetse ‘moho. Re lumela hore likholumo-lumo li ile tsa fella nakoana kamora Moroallo ka lebaka la phetoho e khōlō ea tikoloho le hore motho o ne a li tsoma ‘me a li bolaea.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Bebele e re eng ka likholumo-lumo? Na ho na le likholumo-lumo ka Bebele?
© Copyright Got Questions Ministries