settings icon
share icon
Pōtso

Na Bakreste ba lokela ho hlompha molao oa Testamente ea Khale?

Karabo


Se ka re thusang ho utloisisa taba ena ke ho tseba hore molao oa Testamente ea Khale o ne o fuoe Iseraele, e seng Bakreste. E meng ea melao e ne e etsa hore bana ba Iseraele ba tsebe ho hlompha le ho thabisa Molimo (mohlala Melao e leshome), e meng ea eona e ne e ba bontša mokhoa oa ho khumamela Molimo (ka mokhoa oa ho itela), e meng ea eona e ne e etsa feela hore bana ba Iseraele ba fapane le lichaba tse ling lefatšeng (melao ea lijo le moaparo). Ha ho na molao oa Testamente ea Khale o sebetsang ho rōna kajeno. Ha Jesu a ne a eshoa sefapanong, O ile a felisa molao oa Testamente ea Khale (Ba-Roma 10:4; Ba-Galata 3:23-25; Ba-Efese 2:15).

Sebakeng sa molao oa Testamente ea Khale, re tlasa molao oa Kreste (Ba-Galata 6:2) e leng ho “rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle. Molao oo ke o moholo oa pele. ‘Me oa bobeli, o tšoanang le oona, ke o reng: Rata oa heno joalo ka ha u ithata. Melao e ‘meli eo ke motheo oa molao ‘ohle le oa baporofeta” (Mattheu 22:37-40). Ha re etsa lintho tsena tse peli, re tla be re phetha sohle seo Kreste a batlang hore re se etse, “Hobane ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona, ‘me litaelo tsa oona ha li boima” (I Johanne 5:3). Hantle, Melao e Leshome ha e sebetse holim’a Bakreste. Le ha ho le joalo, e robong ea Melao e Leshome e phetiloe ka Testamenteng e Ncha (kaofela ntle le molao oa ho hlokomela letsatsi la sabatha). Ntle le khanyetso, ha e le hore re rata Molimo, re ke ke be ra khumamela melimo e meng kapa litšoantšo ntle le eena. Haeba re rata ba habo rōna, ha re na ho etsa bohlola khahlanong le bona, kapa ho lakatsa seo e leng sa bona. Kahoo, ha re tlasa tlhoko e feng kapa e feng ea Testamente ea Khale. Re tšoanetse ho rata Molimo le ba habo rōna. Haeba re etsa lintho tseo tse peli ka tumelo, tsohle e ka se be bothata.

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Na Bakreste ba lokela ho hlompha molao oa Testamente ea Khale?
© Copyright Got Questions Ministries