settings icon
share icon
Pōtso

Tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke eng?

Karabo


Tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke mokhoa oa ho bua ka litaba tsa pholoho ho sebelisoa litemana tse tsoang bukeng ea bebele ea Ba-Roma. Ke mokhoa o bobebe empa o matla oa ho hlalosa hore na hobaneng ha re hloka ho pholoha, hore na Molimo o fane ka pholoho joang, re ka amohela pholoho joang, le meputso ea pholoho.

Temana ea pele ea Tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke Ba-Roma 3:23, “hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo” Bohle re sitiloe. Bohle re entse lintho tse sa thabiseng ho Molimo. Ha ho ea se nang sekoli. Ba-Roma 3:10-18 e re fa setšoantso se hlakileng sa hore na sebe se shebahala joang maphelong a rōna. Thuto ea bobeli ea Tsela ea Ba-Roma ea pholoho, Ba-Roma 6:23, e re ruta ka meputso ea sebe – “Hobane moputso oa sebe ke lefu; empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Kahlolo eo re e sebelelitseng sebakeng sa libe tsa rōna ke lefu. E seng feela lefu la nama empa la ka ho sa feleng.

Thuto ea boraro ea tsela ea Ba-Roma ea pholoho e ntšetsa pele moo Ba-Roma 6:23 e qeteletseng teng, “empa neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” Ba-Roma 5:8 e phatlalatsa, “Empa moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” Jesu Kreste o re shoetse! Lefu la Jesu le lefelletse kotlo ea libe tsa rōna. Tsoho ea Jesu e pakahatsa hore Molimo o amohetse lefu la Jesu e le tefo sebakeng sa libe tsa rōna.

Thuto ea bone ea tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke Ba-Roma 10:9, “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ‘me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha” Ka lebaka la ho shoa ha Jesu sebakeng sa rōna, seo re lokelang ho se etsa ke ho lumela ho eena, re tšepile lefu la hae hore ke tefo ea libe tsa rōna – ‘me re tla pholoha! Ba-Roma 10:13 e bolela hape ho re, “Hobane mang le mang ea rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha.” Jesu o shoele ho lefa kotlo sebakeng sa libe tsa rōna ‘me a re lopolla lefung la ka ho sa feleng. Pholoho, tšoarelo ea libe, li’a fumaneha sebakeng sa e mong le e mong ea tlang ho tšepa Jesu Kreste e le Morena le Mopholosi.

Ntlha ea ho qetela ea tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke moputso oa pholoho. Ba-Roma 5:1 e na le molaetsa o na o hlollang, “Joale, ha re beiloe ba lokileng ka tumelo, re na le khotso ho Molimo, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna” Ka Jesu Kreste re ka ba le likamano tsa khotso le Molimo. Ba-Roma 8:1 e re ruta, “Ha ho le joalo, ha ho sa le tsuo joale leha e le ‘ngoe ho ba leng ho Jesu Kreste” Ka lebaka la ho shoa ha Jesu sebakeng sa rōna, re ke ke ra hlola re ahloleloa libe tsa rōna. Qetellong, re na le tšepiso ea bohlokoa ea Molimo, ho tsoa ho Ba-Roma 8:38-39, “Hobane ke tsebisisa ruri hore, leha e le lefu, leha e le bophelo, leha e le mangeloi, leha e le tse tlang ho tla, leha e le boholimo, leha e le botlase, leha e le sebopuoa se seng, ha ho letho le tla tseba ho re arohanya le lerato la Molimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.”

Na u ka lakatsa ho latela tsela ea Ba-Roma ea pholoho? Haeba ho joalo, ho latela thapelo e bobebe eo u ka e rapelang ho Molimo. Ho bolela thapelo ena ke mokhoa oa ho phatlalatsa ho Molimo hore u’a mo tšepa ‘me u itšetlehile ka Jesu Kreste sebakeng sa pholoho ea hao. Mantsoe ona a ke ke a u pholosa. Ke feela tumelo ho Jesu Kreste e ka u fang pholoho! “Molimo, kea tseba hore ke entse sebe khahlanong le uena ‘me ke lokeloa ke kotlo. Empa Jesu Kreste o nkile kotlo e neng e ntokela e le hore ka tumelo ho eena, ke tle ke tšoareloe. Ka thuso ea hao, ke tlohella libe tsa ka ‘me ke beha tšepo ea ka ho uena sebakeng sa pholoho. Kea u leboha ka mohau oa hao o hlollang le tšoarelo - mpho ea bophelo bo sa feleng! Amen!”

Na u entse qeto ea ho ba le Kreste ka lebaka la seo u se balileng moo? Ha eba ho le joalo, penya ho “Ke amohetse Kreste kajeno.”

English



Khutlela leqepheng la lehae la Sesotho

Tsela ea Ba-Roma ea pholoho ke eng?
© Copyright Got Questions Ministries